Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Daniele 8:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Yaba nna Daniele, ke wa ke idibane, ka kula ka ditshiu tse ding; ka ntoo tsoha, ka tshwara mesebetsi ya morena, ke ntse ke maketse ke pono eo, eo ho seng motho ya neng a ka e utlwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Yaba nna Daniele, ke a akgeha, mme ka qeta matsatsi a mangata ke kula. Hamorao ke ile ka tsoha, ka nna ka phetha mesebetsi eo ke neng ke e abetswe ke kgosi. Pono ena e ile ya mmakatsa, empa ha ho motho ya neng a ka e utlwisisa.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 8:27
12 Referencias Cruzadas  

Mme bonang, motho ya jwaloka mora motho a ama molomo wa ka; ka ahlamisa molomo wa ka, ka bua, ka re ho ya emeng pela ka: Morena ka, pono e ntshositse, ke feletswe ke matla.


Ka sala ke nnotshi, ka bona pono eo e kgolo, ka ba ka fellwa ke matla, mme sefahleho sa ka sa hlwenya, ka omella.


Yaba Daniele, ya reilweng Beltsatsare, o sala a tsielehile ka motsotso, mme a ferekanngwa ke mehopolo ya hae.


Ke utlwile ha ho bolelwa, ho thwe, moya wa Modimo o ho wena, le hoba ho fumanwa ho wena lesedi, le kutlwisiso, le bohlale bo phahamileng.


Dipolelo tseo di fella moo. Nna Daniele, ka tshoha dipono tsa ka haholo, mme sefahleho sa ka sa hlwenya; empa ka boloka dipolelo tseo pelong ya ka.


Yaba o atamela moo ke emeng teng; ha a etla, ka tlakasela, ka wa ka sefahleho, a mpa a re ho nna: Ela hloko, ngwana motho, pono eo e tla phetheha mehleng ya qetello.


Eitse ha ke tadima, ha eba jwaloka hoja ke le Susane, motse wa moreneng wa naha ya Elame; ha ke tadima ponong, ka fumana ke dutse pela noka e kgolo ya Ulai.


Ka e bona e teana le pheleu, e e halefetse: ya thesela pheleu, ya e kgorola dinaka tse pedi tsa yona; mme matla a hlokahala pheleung a ho emellana le yona ya e lahlela fatshe, ya e hatakela, ho se motho ya e namolelang matleng a yona.


Ke utlwile, mme mmele wa ka o a nyaroha; lentsweng leo, melomo ya ka e a otlana, ho bola ha kena masapong a ka, ke ntse ke thothomela, ha ke tshwanetse ho lebella, ke kgutsitse, letsatsi leo la tlokotsi leo setjhaba se tlang ho futuhelwa ke ya tla tla se lwantsha.


Samuele a robala, ya ba ya eba hosasa; a ntoo bula mamati a ntlo ya Jehova; Samuele a mpa a tshaba ho tsebisa Eli pono ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos