Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 6:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Morena a ntoo ikela tlung ya hae ya borena, a hlola bosiu a itima dijo; ha a ka a dumela hore ho tliswe serethe ho yena, mme a hlobaela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Kgosi ya ikgutlella tlung ya yona ya bokgosi, ya qeta bosiu e sa je letho, ho se le diletsa tseo e di letsetswang, mme ya hlobaela.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 6:18
16 Referencias Cruzadas  

Mefiboshethe, mora Saule, le yena a tla kgahlanyetsa morena: o ne a sa ka a itlhatswa maoto, leha e le ho lokisa ditedu tsa hae, leha e le ho hlatswa diaparo tsa hae haesale morena a tloha, ho fihlela a ba a kgutla ka kgotso.


Akabe, ha a utlwa taba tseo, a hahola diaparo tsa hae, a itlama mmele ka lesela le mahwashe, a itima dijo, a robala ka lesela le mahwashe, a nanya butle.


Bosiung bona boo, morena a hlobaela boroko; yaba o re, ho tliswe buka ya dikgopotso, ya ditaba tsa mmuso, ya ba ya balwa pela morena.


Ba bina meloding ya moropa le harepa, ba ithabisa ka phala.


ra feha diharepa tsa rona meduwaneng ya teng;


O fadimehisa dintshi tsa ka; ke sa ferekane, ke sitwa ke puo.


Ka ipokellela silefera le kgauta le menono ya marena le ya dinaha; ka ipatlela dibini tsa banna le tsa basadi, le menate ya bana ba batho, e leng basadi ba bangata;


Ba kgaoletse le bophelo ba ka sekoting; ba akgetse lejwe hodima ka.


ke sa je dijo tse monate; nama ha e a ka ya kena molomong wa ka, leha e le veine; ha ke a ka ka tlola ka veke tse tharo tse tletseng.


Ka selemo sa bobedi sa puso ya Nebukadnesare, Nebukadnesare a lora ditoro; moya wa hae wa tjhoba, a hlobaela.


Yaba morena o tsoha e sa le hosasa, a phakisa a ya lemeneng la ditau.


Mme mantswe a ba tidinyang diharepa, le a ba letsang dithomo, le a ba diphala, le a ba diterompeta, ha a sa tla hlola a utlwahala ha hao; mme ha ho sa tla hlola ho fumanwa ha hao motho ya sebetsang mosebetsi ofe le ofe, leha e le modumo wa lelwala ha o sa tla hlola o utlwahala ha hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos