Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Daniele 6:18 - BIBELE

18 Kgosi ya ikgutlella tlung ya yona ya bokgosi, ya qeta bosiu e sa je letho, ho se le diletsa tseo e di letsetswang, mme ya hlobaela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Morena a ntoo ikela tlung ya hae ya borena, a hlola bosiu a itima dijo; ha a ka a dumela hore ho tliswe serethe ho yena, mme a hlobaela.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 6:18
16 Referencias Cruzadas  

Mefiboshete, mora wa Saule, a theoha ho ya kgahlanyetsa kgosi. Ho tloha mohla kgosi e tsamayang, ho fihlela e ba e kgutla ka kgotso, Mefiboshete, mora wa Saule, o ne a eso ka a kutletsa maoto a hae, kapa a beola ditedu tsa hae, kapa a hlatswa diaparo tsa hae.


Yare ha Akabe a utlwa mantswe ana, a hahola diaparo tsa hae, a apara tse mahwashe, a itima dijo, a robala a ntse a apere tse mahwashe, a tsamaya a siame.


Bosiung bona boo kgosi ya hlobaela, ya ba ya laela hore e tlisetswe buka eo ho ngotsweng diketsahalo tse fetileng ho yona, mme ya e ballwa.


Ba bina melodi ka moropa le ka harepa, ba thabela ho utlwa modumo wa lekodilo.


Meduwaneng ya tsona re ne re fanyehile diharepa tsa rona.


Ka hopola Modimo, ka fehelwa, ka nahana, moya wa ka wa sarelwa.


Ka ipokellela silefera le kgauta, le matlotlo a dikgosi le a dinaha tse pusong ya ka. Ka iphumanela dibini tsa banna le tsa basadi, le dintho tsohle tseo batho ba ka ithabisang ka tsona, le basadi ba bangata.


Di nkakgetse ka mokoting ke ntse ke phela, molomo wa mokoti tsa o kwala ka lejwe.


Ka itima dijo tse monate, ka ila nama, ka se ke ka nwa veine, ka se ke ka itlotsa ka ole ka dibeke tseo tse tharo.


Ka selemo sa bobedi sa puso ya hae, Nebukadenesare a lora toro e ileng ya mo tshwenya moyeng, bosiu a hlobaele.


Kgosi ya tsoha ka madungwadungwana, ya potlakela mokoting o moholo wa ditau.


Mmino wa baletsi ba diharepa, le wa dibini, le wa makodilo, le wa diterompeta, ha o ka ke wa hlola o utlwahala ha hao. Setsebi sa mosebetsi ofe kapa ofe ha se ka ke sa hlola se bonwa ha hao. Modumo wa lelwala ha o ka ke wa hlola o utlwahala ha hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios