Daniele 3:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)21 Yaba batho bao ba tlangwa le dihempe tsa bona, le dikojwana tsa bona, le dikobo tsa bona, le diaparo tse ding tsa bona, ba ntoo akgelwa seboping sa mollo o bohale. Ver CapítuloBIBELE21 Yaba banna bana ba tlangwa ba ntse ba apere diaparo tsa bona, ba tenne marikgwe, ba rwetse dituku, ba apere le diaparo tse ding, mme ba akgelwa kahara sebopi se tukang malakabe. Ver Capítulo |
Mme mahosana, le marenana, le babusi, le baeletsi ba morena, ba phutheha, mme ba bona hoba mollo ha o a ka wa eba le matla mmeleng ya bona le hanyenyane, le hoba moriri wa dihlooho tsa bona ha o a ka wa tlaboha, leha e le dikobo tsa bona ha di a ka tsa senyeha, le hoba lephoka la mollo ha le yo ho bona.