Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 2:49 - Sesotho 1909/1961 (SO)

49 Daniele a kopa ho morena, mme a bea Shadrake le Meshake le Abede-Nego, ba tle ba sebetse tsa naha ya Babilona; ha e le Daniele, a ba monyakong wa morena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

49 Ho ya ka kopo ya Daniele, kgosi ya bea bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego hore e be batsamaisi ba puso ya naha ya Babilona, Daniele yena ya eba monna wa lekgotla la kgosi.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 2:49
12 Referencias Cruzadas  

Mohla ho bokellwang barwetsana la bobedi, Mordekai o ne a dutse pela monyako wa morena.


Mehleng eo, Mordekai ha a sa ntsane a dutse pela monyako wa morena, Bigthane le Thereshe, matona a mabedi a morena, e leng balebedi ba menyako, ba hlonamela morena, mme ba leka ho isa matsoho a bona ho morena Assueruse.


Bahlanka bohle ba morena ba neng ba ema pela monyako wa morena, ba ne ba iname, ba kgumama pela Hamane: hobane morena a ne a laetse jwalo bakeng sa hae. Empa Mordekai o ne a sa iname, a sa kgumame.


Mohla ba lokileng ba hlolang, boiketlo bo teng; empa ba babe ha ba phahama, ho ipatwa ke batho.


Balaodi kaofela ba morena wa Babilona ba tla, ba emisa monyakong o mahareng; e le Nergale-Sharetsere, Samgare-Nebu, Sarsekime, molaodi wa balebedi, Nergale-Sharetsere, motsamaisi wa ba bohlale, le matona a mang kaofela a morena wa Babilona.


Bahlankana ba bane bao, Modimo wa ba fa tsebo le kutlwisiso ya mangolo kaofela le ya bohlale bohle; hape, Daniele a ba le kutlwisiso ya dipono tsohle le ya ditoro.


Mme hlooho ya matona ya ba rea mabitso a mang, ya rea Daniele lebitso la Beltsatsare, Hanania la Shadrake, Mishaele la Meshake, le Asaria la Abede-Nego.


Yaba Daniele o ya tlung ya hae, a tsebisa Hanania le Mishaele le Asaria, balekane ba hae, kamoo taba di dutseng kateng,


Morena Nebukadnesare o ne a etse setshwantsho sa kgauta, boemo ba sona e le ditswe tse mashome a tsheletseng, botenya ba sona e le ditswe tse tseletseng; a se emisa lehwatateng la Dura, naheng ya Babilona.


a diswang ke mahosana a mararo ao Daniele e neng e le e nngwe ya wona, e leng ao marenana a tlang ho ikarabela ho wona, morena a tle a se ke a senyehelwa ke letho.


Hloyang ho hobe, le rate ho hotle, le tiise se lokileng kgotla; mohla ope, Jehova, Modimo wa makgotla, a ka hauhela masala a Josefa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos