Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Daniele 2:49 - BIBELE

49 Ho ya ka kopo ya Daniele, kgosi ya bea bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego hore e be batsamaisi ba puso ya naha ya Babilona, Daniele yena ya eba monna wa lekgotla la kgosi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

49 Daniele a kopa ho morena, mme a bea Shadrake le Meshake le Abede-Nego, ba tle ba sebetse tsa naha ya Babilona; ha e le Daniele, a ba monyakong wa morena.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 2:49
12 Referencias Cruzadas  

Ha barwetsana ba se ba kgobokantswe kgetlo la bobedi, Moredekai o ne a dutse monyakong wa kgosi.


Hona matsatsing ao, ha Moredekai a dutse monyakong wa kgosi, mahaole a mabedi a kgosi, e leng Bigitane le Tereshe, e leng a mang a balebedi ba monyako, a halefa, mme a rera ho bolaya kgosi Ahashuerushe.


Bahlanka bohle ba kgosi, ba neng ba le monyakong wa kgosi, ba ne ba obama kapele ho Hamane, ba isa hlompho. Kgosi e ne e ile ya ba laela ho etsa jwalo ho Hamane. Empa Moredekai yena ha a a ka a obamela Hamane, leha e le ho isa hlompho ho yena.


Ha ba lokileng ba busa tjhaba se a thoholetsa; ha ba kgopo ba busa tjhaba se a ipata.


Mahosana wohle a kgosi ya Babilona a fihla a dula Monyakong o Bohareng, e leng bo-Neregale-Sharesere ya tswang Samogare, le Nebo-Sare-Sekime, molaodi e moholo, le Neregale-Sharesere, e leng molaodi wa sehlooho, le mahosana wohle a kgosi ya Babilona.


Bahlankana bao ba bane Modimo a ba fa tsebo le kutlwisiso ya mefuta yohle ya dingodilweng le ya bohlale. Ha e le Daniele yena a ba le tsebo ya ho hlalosa dipono le ditoro tsohle.


Mookamedi wa bahlanka ba kgosi a ba rea mabitso asele, a re Daniele ke Beleteshasare, Hananiya ke Shaderaka, Mishaele ke Meshake, Asariya ke Abedenego.


Jwale Daniele a kgutlela lapeng ha hae, mme taba ena a e tsebisa metswalle ya hae bo-Hananiya le Mishaele le Asariya.


Kgosi Nebukadenesare a etsa setshwantsho sa kgauta: Bophahamo ba sona e le dimethara tse mashome a mabedi a metso e supileng, botenya ba sona e le dimethara tse tharo; a se emisa phuleng ya Dura, naheng ya Babilona.


Kahodimo ho mahosana ana a bea baokamedi ba bararo, mme Daniele e ne e le e mong wa bona. Mahosana a ne a ikarabella ho bona, e le hore kgosi e se ke ya senyehelwa ke letho.


Hloyang bokgopo, le rate tse molemo, ka makgotleng le ahlole ka toka, mohlomong Morena, Morena Modimo wa mabotho, a ka hauhela masalla a Josefa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos