Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 12:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka utlwa, ke mpa ke sa utlwisise, mme ka re: Morena ka, taba tseo di ya fella kae?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ka utlwa, empa ka se ke ka utlwisisa. Kahoo ka botsa, ka re: “Jwale, morena ka, dintho tsee di tla fella jwang?”

Ver Capítulo Copiar




Daniele 12:8
9 Referencias Cruzadas  

Ke tlile jwale ho o tsebisa se tla hlahela setjhaba sa heno mehleng ya qetello; hobane pono e lebisa ho tse tlang ho tla.


E mong a re ho motho ya apereng lene, ya emeng hodima metsi a noka: Ke neng bofelo ba taba tseo tse makatsang bo tla hlaha?


Ka utlwa motho ya apereng lene, ya emeng hodima metsi a noka, ha a emisetsa letsoho le letona le letsoho le letshehadi lehodimong, a hlapanya ka ya phelang ka ho sa feleng, a re: Ho setse nako e le nngwe, le dinako, ho isa mahareng a nako e nngwe; etlare ha qhalanyo ya setjhaba e fela, hoo hohle ho tla etsahala.


A re ho nna: Eya, Daniele, hobane ditaba tseo di tla sala di kwahetswe, di tiisitswe ho isa nakong ya bofelo.


Yaba ke utlwa e mong wa bahalaledi a bua; mohalaledi e mong a araba ya buileng, a re: A makae matsatsi a badilweng ke pono eo bakeng sa sehlabelo sa kamehla, le bakeng sa sebe se senyang? Sehalalelo le makgotla a tla hlolwa, a hatakelwe ho isa kae?


Empa ha ba ka ba utlwisisa taba tseo; polelo eo e ne e patehile ho bona, ba se ke ba utlwisisa tse bolelwang.


Barutuwa ba hae ha ba ka ba utlwisisa taba tseo, hona mohlang oo; empa, eitse hobane Jesu a tlotliswe, ba elellwa hobane taba tseo di ne di ngodilwe hodima hae, le hobane ba mo entse tsona.


A re ho bona: Ha ho a le lokela ho tseba mehla, leha e le dinako tseo Ntate a itaoletseng tsona a nnotshi.


Ba ne ba ntse ba batlisisa hore na ke nako efe le e jwang e neng e lekantswe ke Moya wa Kreste, o neng o le ho bona, ha o ne o ba bolella pele mahlomola a Kreste, le kganya e tlang ho a latela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos