Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 12:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ka utlwa motho ya apereng lene, ya emeng hodima metsi a noka, ha a emisetsa letsoho le letona le letsoho le letshehadi lehodimong, a hlapanya ka ya phelang ka ho sa feleng, a re: Ho setse nako e le nngwe, le dinako, ho isa mahareng a nako e nngwe; etlare ha qhalanyo ya setjhaba e fela, hoo hohle ho tla etsahala.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, ya emeletseng hodingwana ho noka, a phahamisetsa matsoho a hae a mabedi lehodimong, a hlapanya ka Modimo ya phelang kamehla le mehla, mme ka utlwa a re: “E tla ba ka dilemo tse tharo le halofo. Ha matla a setjhaba se halalelang a se a fedisitswe, dintho tsena tsohle di tla etsahala.”

Ver Capítulo Copiar




Daniele 12:7
30 Referencias Cruzadas  

Ka Modimo o phelang, o nkamohileng ho loka ha ka, le ka Ya matla wohle ya hlokofaditseng moya wa ka,


Ba tla bitswa setjhaba se halalelang, balopollwa ba Jehova, mme wena, o tla bitswa motse o hlokwang haholo, o sa kang o tlohelwa.


Ha o ana ka nnete, ka sebele le ka ho loka, o re: Ka Jehova ya phelang! ditjhaba di tla hlohonolofalla ho yena, di ithorisetse ho yena.


Ere ho bona: Morena Jehova o re: Mohla ke neng ke kgetha Iseraele, ke neng ke emisetsa ditloholo tsa ntlo ya Jakobo letsoho la ka, ke ipolelang ho bona naheng ya Egepeta, ke ba emisetsang letsoho la ka, ke reng, ke nna Jehova, Modimo wa lona,


Ka emisa mahlo, ka tadima, mme bonang, monna o ne a le teng moo, ya apereng lene, ya itlamileng letheka ka senyepa sa kgauta ya Ufase.


Hobane morena wa Leboya o tla boela a bokelle makgotla a mangata, a fetisang a pele, mme ha ho fetile dilemo tse ding, o tla tla, a fihle ka makgotla a maholo le ka phahlo e ngata.


E mong a re ho motho ya apereng lene, ya emeng hodima metsi a noka: Ke neng bofelo ba taba tseo tse makatsang bo tla hlaha?


Ka utlwa, ke mpa ke sa utlwisise, mme ka re: Morena ka, taba tseo di ya fella kae?


Polelo ha e sa le molomong wa morena, lentswe la theoha lehodimong, la re: Morena Nebukadnesare, o tsebiswa hore borena bo ya tloswa ho wena;


Empa ho feleng ha motsotso oo, nna Nebukadnesare, ka emisetsa mahlo a ka lehodimong; yaba tsebo e kgutlela ho nna, ka boka Mookamedi ya phahameng, ka roka, ka hodisa ya phelang ka ho sa yeng kae, eo mmuso wa hae e leng mmuso o sa feleng, mme borena ba hae bo nka lelokong le leng ho isa melokong e sa feleng!


Ka ba ka tadima kamoo lenaka leo le lwantshang bahalaledi kateng, le kamoo le ba hlolang kateng,


O tla bua dipuo tse lwantshang Mookamedi ya phahameng, o tla hlorisa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng, a be le morero wa ho fetola dinako le molao, mme bahalaledi ba tla neelwa matsohong a hae ka nako, le ka dinako tse nang le lehare la nako.


A re ho nna: E tla ba dikete tse pedi tse nang le makgolo a mararo a balwang mantsiboya le hosasa, sehalalelo se ntoo hlwekiswa.


matla a hae a tla eketseha, empa e ke ke ya eba ka matla ao e leng a hae, mme o tla hlahisa ditshenyo tse makatsang, a atlehe, a etse, a timetse dinatla le setjhaba sa bahalaledi.


Ka baka leo, ikenyeng pelong tsa lona taba ya hore ha le na ho rera pele seo le tla ikarabela ka sona;


Ba tla wa ka bohale ba sabole, ba iswe kgolehong ditjhabeng tsohle; mme Jerusalema o tla hatakelwa ke ditjhaba, ho be ho phethwe mehla ya ditjhaba.


mme a o hodise, o phahame ka poko, ka botumo le ka kganya ho feta ditjhaba tsohle tseo a di entseng, mme o be setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao, jwalokaha a boletse.


Hobane Jehova o tla ahlolela setjhaba sa hae, mme o tla rekolohela bahlanka ba hae, ha a bona hobane matla a bona a fedile, mme ho se ho se motho ya ruileng, leha e le motho ya lokolohileng.


Hobane ke emisetsa letsoho la ka lehodimong, mme ke re: Ke phela ka ho sa feleng!


Hobane o setjhaba se kgethetsweng Jehova, Modimo wa hao; Jehova, Modimo wa hao, o o kgethile hore o be setjhaba sa hae sa sebele, hara ditjhaba tsohle tse lefatsheng.


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


Mosadi a newa dipheo tse pedi tsa ntsu e kgolo, hore a tle a fofele lefeelleng, ditulong tsa hae, moo a fepuwang ka nako e nngwe, le ka dinako, le ho isa mahareng a nako e nngwe, a le hole le noha.


Mosadi yena a balehela feelleng, moo a lokiseditsweng ditulo ke Modimo, hore a tle a fepuwe teng ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng.


Sa newa molomo o bolelang ditaba tse kgolo, le dinyefolo; mme sa fuwa matla a ho lwana ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.


baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba ne ba wa ka mangwele pela ya dutseng teroneng, ba rapela ya phelang kamehla le mehla, mme ba ne ba akgela meqhaka ya bona pela terone, ba re:


Mme dibopuwa tse phelang, enere ha di isa kganya, le hlompho, le teboho ho ya dutseng teroneng, ya phelang kamehla le mehla,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos