Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 11:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Mme makgotla a tlang ho hohoretsa a tla hohoretswa ke yena, ho rojwe le morena wa selekane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Bohle ba mo emang kapele o tla ba hohola jwalokaha sekgohola se hohola, a ba timetse, a timetse le yona kgosana ya selekane.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 11:22
11 Referencias Cruzadas  

Le itse: Re entse selekane le lefu, re na le kopano le nqalo ya bafu; leha kotlo e tlang jwaloka morwallo e ka tla kwano, e ke ke ya re etsa letho, hobane re entse leshano setshabelo sa rona, mme thetso ke tshirelo ya rona.


Empa bana ba hae ba tla qala ntwa, ba bokelle makgotla a mangatangata; e mong o tla futuha, a tlale hohle, a kgaphatsehe, a ntoo boya; o tla tiisa ho patela qhobosheane ya hae.


Hobane a ke ke a re letho ka selekane; o tla sebetsa ka mano, o tla futuha, a hlole ka batho ba se bakae.


Ka baka la bohlale ba hae, mano a tla atleha matsohong a hae; o tla ikgohomosa pelong ya hae, a senye ba bangata ba dutseng ka kgotso, a tsohele Morena wa marena matla; empa o tla robakwa, e seng ka letsoho la motho.


Kamora diveke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi motlotsuwa o tla tloswa, ho se motho ya mo emelang; motse o tla senyeha le sehalalelo ke makgotla a morena e mong ya tla tla; bofelo ba wona e tla ba morwallo, mme dintwa di tla ba teng ho isa qetellong; ditshenyo tseo di se di laotswe.


Ka baka la tseo, na lefatshe le ke ke la sisinyeha, ho swabe bohle ba ahileng ho lona? Na le ke ke la phahama kaofela ha lona, jwaloka noka, la phahama, la ntoo kokobela jwaloka noka ya Egepeta?


Hobane ya etsang tseo ke Morena, Jehova wa makgotla; o ama lefatshe, mme le a qhibidiha; bohle ba ahileng ho lona ba hlomoha, kaofela ha lona le phahama jwaloka noka, le boele le kokobele jwaloka noka ya Egepeta.


Ka sekgohola se kgofolang o tla timeletsa nqalo eo ruri, mme bao e leng dira ho yena o tla ba tebella lefifing.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos