Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Daniele 11:22 - BIBELE

22 Bohle ba mo emang kapele o tla ba hohola jwalokaha sekgohola se hohola, a ba timetse, a timetse le yona kgosana ya selekane.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Mme makgotla a tlang ho hohoretsa a tla hohoretswa ke yena, ho rojwe le morena wa selekane.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 11:22
11 Referencias Cruzadas  

Lona le itse: “Re entse selekane le lefu, ra etsa tumellano le Nqalo ya Bafu. Ha koduwa e tshabehang e wela lefatshe, rona e tla re feta mohwalotso, hoba leshano ke tshabelo sa rona, bohata ke bona tshireletso ya rona.”


Bara ba kgosi eo ya Siria ba tla hlomela, ba kgobokanye mabotho a mangata, a maholo, a tla tla ka sekgahla jwaloka morallo, a futuhele qhobosheane ya ba direng.


Ka ho etsa dilekane tsa bolotsana o tla matlafala, a hape puso, le hoja palo ya setjhaba seo a se busang e fokola.


Ka maqiti a yona bolotsana bo tla atleha, ka pelong ya yona boikgohomoso bo tote, ba bangata e ba timetse hoja ba iketlile. E tla futuhela le Kgosana ya mahosana, qetellong e ripitlwe e se ka letsoho la motho.


Hoba ho fete dilemo, lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, motlotsuwa wa Modimo o tla bolawa a se molato. Mabotho a kgosana e nngwe e tlang ho tla, a tla timetsa motse le Sehalalelo sa wona. Pheletso ya tsena e tla tla sa morallo, ntwa e hlabane ho fihlela e ba e lala, nanaola e rerilweng ke Modimo yona e sale.


“Na naha yohle ha e na ho thothomela, le bohle ba ahileng ho yona ba bokolle? Naha yohle e tla kokomoha, e kokomohe jwaloka Nile, e be e nne e hlokolehe, e nto bohlela jwaloka noka ya Egepeta.


Morena Modimo wa mabotho o ama lefatshe, a ame lefatshe, ebe le a qhibidiha, bohle ba phelang ho lona ebe ba a lla. Naha yohle e tla kokomoha jwaloka Nile, e nto bohlela jwaloka noka ya Egepeta.


Jwaloka sekgohola, kgohola se phuthumanang, Ninife o tla e timetsa jwalo, dira tsa hae a di lelekele lefifing.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos