Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 7:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 ke yena eo Abrahama a bileng a mo abela karolo ya leshome ya tsohle, — eo mabitso a hae ha a fetolwa, la pele le reng, morena wa ho loka, la bobedi le re, morena wa Saleme, e leng ho re, morena wa kgotso;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 A ba a arolelwa karolo e le nngwe ho tse leshome ya kgapo yohle ke Aborahama. Lebitso la Meleki-Sedeke ke ho re: “Kgosi ya toka”. Hape e ne e le kgosi ya Salema, e leng ho re: “Kgosi ya kgotso”.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Ke yena eo Abrahama a mo neileng karolo ya leshome ya tsohle; pele, ha ho fetoleloa, e le Morena oa ho loka, ’me ka mor’a moo hape ke morena oa Saleme, ke ho re, Morena oa khotso;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Ke yena eo Abrahama a mo neileng karolo ya leshome ya tsohle; pele, ha ho fetoleloa, e le Morena oa ho loka, ’me ka mor’a moo hape ke morena oa Saleme, ke ho re, Morena oa khotso;

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 7:2
26 Referencias Cruzadas  

lejwe lena leo ke le emisitseng mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo; mme ke tla o ntshetsa karolo ya leshome ya tsohle tseo o tlang ho nnea tsona.


Modimo wa Iseraele o buile, Lefika la Iseraele le mpoleletse, la re: Ya busang batho ka ho loka, ya renang ka ho tshaba Modimo,


Davida ya eba morena wa Baiseraele bohle, mme Davida a etsa setjhaba sohle ka ho loka le ka bokgabane.


Bona, o tla tswallwa mora; yena e tla ba motho wa kgotso; ke tla mo nea phomolo ho dira tsohle tsa hae ka nqa tsohle; lebitso la hae e tla ba Salomone (wa kgotso), mme ke tla bea kgotso le boiketlo Iseraeleng ka matsatsi a hae.


Mehleng ya hae, ya lokileng o tla atleha, mme kgotso e ya nne e ate ho isa ha kgwedi e lesa ho ba teng.


Boshome bo bong le bo bong ba dikgomo le ba tse kgutshwane, ba tsohle tse tsamayang tlasa lere la modisa, bo kgethetswe Jehova.


Ke yena ya tla re batlela kgotso. Etlare ha Moassiria a kena naheng ya rona, mme a hata matlung a rona a borena, re tla bea badisa ba supileng le marena a batho a robileng meno e le mmedi ho mo thibela.


Ke nea bara ba Levi boshome ba tsohle tsa Iseraele, e be lefa la bona, bakeng sa tshebetso ya bona, tshebetso ya tente ya pokano.


Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme lebitso la hae o tla bitswa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo o na le rona.


Kganya e be ho Modimo mahodimong a hodimo, kgotso e be lefatsheng ho batho bao o kgahlwang ke bona.


Ebile hore o bonahatse ho loka ha wona mehleng ya jwale, hore e tle e be o lokileng le o beang ya nang le tumelo ho Jesu ya lokileng.


Ke Melkisedeke eo, morena wa Saleme, le moprista wa Modimo o moholoholo, ya neng a ye ho kgahlanyetsa Abrahama, mohla a neng a sa tswa qhala marena, a ba a mo hlohonolofatsa;


ya se nang ntatae le mmae, ya se nang le leloko, leha e le qaleho ya ditshiu le qetello ya bophelo; empa e le ya entsweng ya tshwanang le Mora Modimo — e ya nne e sa le e le moprista ka ho sa feleng.


O tla nka karolo ya leshome ya dipeo tsa lona, le ya merara ya lona, a e nee matona a hae le bahlanka ba hae.


O tla nka karolo ya leshome ya mehlape ya lona, le be bahlanka ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos