Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 6:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 ba latswitseng lentswe le monate la Modimo, le matla a bophelo bo tlang ho tla,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 ba latswa lentswe le monate la Modimo, le matla a lefatshe le tlang ho tla,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 mme ba latswitse lentswe le molemo la Modimo, le matla a lefatshe le tlang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 mme ba latswitse lentswe le molemo la Modimo, le matla a lefatshe le tlang.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 6:5
13 Referencias Cruzadas  

Latswang, le bone hoba Jehova o molemo! Ho lehlohonolo motho ya tshabelang ho yena!


Ha motho a sebile Mora motho, a ka tshwarelwa; empa ha a sebile Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le mehleng ena, leha e le ho e tlang ho tla.


hobane Heroda o ne a tshaba Johanne, a mo tseba hoba ke monna ya lokileng, ya halalelang; o ne a mo sireletsa, a be a etse ntho tse ngata, ha a mo utlwile, a rate le ho mo utlwa.


Ba majweng, ke bao e reng ha ba utlwile, ba amohele lentswe ka thabo; empa bao ha ba na metso, ke ba dumelang ka mehla e seng mekae; mme ere mohla moleko, ba kwenehe.


Rwalang heleme ya poloko, mme le tshware lerumo la Moya, e leng lentswe la Modimo.


Ka tumelo, re a tseba hoba dintho tsohle di bopilwe ke lentswe la Modimo, ka mokgwa wa hore tse bonwang ha di a ka tsa etswa ka tse bonahalang.


Hobane lefatshe le tlang ho tla leo re le bolelang, ha o a ka wa le bea pusong ya mangeloi.


Hobane Lentswe la Modimo ke lentswe le phelang, le matla, mme le fetisa ka bohale disabole tsohle tse leoditsweng ka nqa tse pedi; mme le a hlaba, le ye ho kena le dikgaohanong tsa pelo le tsa moya, le manonyellong le mokong; mme le ahlola maikutlo le mehopolo ya pelo.


empa lentswe la Morena le hlola ka ho sa feleng. Mme ke lona lentswe leo le le bolellwang.


ha le fela le setse le latswitse molemo wa Morena.


Hobane ha ba ne ba se ba balehetse ditshila tsa lefatshe, ke ho tseba Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona, mme ba boetse ba itshwasitse ho tsona, mme ba hlotswe ke tsona, taba tsa bona tsa qetello di mpe ho fetisa tsa pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos