Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




BaHebheru 6:5 - BIBELE

5 ba latswa lentswe le monate la Modimo, le matla a lefatshe le tlang ho tla,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 ba latswitseng lentswe le monate la Modimo, le matla a bophelo bo tlang ho tla,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 mme ba latswitse lentswe le molemo la Modimo, le matla a lefatshe le tlang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 mme ba latswitse lentswe le molemo la Modimo, le matla a lefatshe le tlang.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 6:5
13 Referencias Cruzadas  

Lengeloi la Morena le sireletsa kamahohle ba mo tshabang, mme le a ba namolela.


Mang kapa mang ya buang se lwantshang Mora Motho o tla tshwarelwa, empa mang kapa mang ya buang se lwantshang Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa mehleng ena, leha e le mehleng e tlang.”


Heroda o ne a tshaba Johanne ka ho tsebe hore ke monna ya lokileng, ya halalelang, mme a mo sireletsa. Ha a mo utlwa o ne a tsieleha haholo, le hoja a ne a thabela ho mo utlwa.


E mokurutlaneng ke bao ereng ha ba utlwa, ba amohele lentswe ka thabo, empa ba se na motso; ba dumela ka nakwana, ere nakong ya moleko, ba kwenehe.


Rwalang katiba ya tshepe ya pholoho, le tshware sabole ya Moya, e leng lentswe la Modimo.


Ka tumelo re utlwisisa hore lefatshe lohle le bopilwe ka lentswe la Modimo, mme tse bonwang di tswa ho tse sa bonweng.


Modimo ha a a bea lefatshe le tlang, leo re buang ka lona, taolong ya mangeloi.


Lentswe la Modimo le a phela, le a sebetsa. Le bohale ho feta disabole tsohle tse sehang kamahohle. Le phohlotsa ho ya fihla moo bophelo le moya di kopanang teng, manonyeletsong le mokong. Le ahlola mehopolo le merero ya pelo.


empa lentswe la Modimo le tla hlola kamehla.” Lentswe lena ke Molaetsa o Molemo oo le o boleletsweng.


ha feela le latswitse molemo wa Morena.


Haeba batho ba ile ba phonyoha tshilafatsong ya tsa lefatshe ka ho tseba Jesu Kreste, Morena le Mopholosi wa rona, empa jwale ba boela ba tshwaswa, ba hlolwa hape ke tsona. Ba jwalo ditaba tsa bona tsa morao di ba mpe ho feta tsa pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos