Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 4:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Haele ka ho hong, banabeso, tsohle tseo e leng tsa nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse botumo bo botle, tsohle tseo bokgabane bo bong le poko e nngwe e leng teng ho tsona, le ke le hopole tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Qetellong, bana beso, tsohle tseo e leng nnete, tsohle tse hlomphehang, tsohle tse lokileng, tsohle tse hlwekileng, tsohle tse ratehang, tsohle tse babatsehang, leha e le eng le eng e kgabane le e rorisehang, tsena le di nahane.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Qetellong, barab’eso, lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tse tšepahalang, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, life kapa life tse bokelehang. ha ho e-na le bokhabane leha e le bofe, kapa thoriso leha e le efe, le nahane ka tsona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Qetellong, barab’eso, lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tse tšepahalang, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, life kapa life tse bokelehang ha ho e-na le bokhabane leha e le bofe, kapa thoriso leha e le efe, le nahane ka tsona.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 4:8
67 Referencias Cruzadas  

Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.


Saule le Jonathane ba ne ba rateha, ba kgahleha ho pheleng ha bona; le ho shweng ha bona ha ba ka ba kgaohanngwa; ba ne ba le lebelo ho feta dintsu, ba le matla ho feta ditau.


Modimo wa Iseraele o buile, Lefika la Iseraele le mpoleletse, la re: Ya busang batho ka ho loka, ya renang ka ho tshaba Modimo,


Le tla ahlola ka bokgopo ho isa kae, le emele ba bolotsana ho isa kae? (Sela.)


Sekala sa bohata se hloilwe ke Jehova, empa tekanyo ya nnete e a mo kgahlisa.


Mosadi ya kgabane ke moqhaka ho monna wa hae; empa ya hlabisang dihlong o jwaloka ho bola masapong a hae.


Ditekanyo le sekala se lokileng ke tsa Jehova, tsohle tse lekanyang tse mokotleng ke mosebetsi wa hae.


Ha motho a lokile, mme a tsamaya ho lokeng, ho lehlohonolo bana ba hae ba mo latelang!


Mosadi ya kgabane ke mang ya tla mo fumana? Ke ya bohlokwa ho fetisa diperela hole.


o re: Baradi ba bangata ba bile kgabane, empa wena, o ba feta bohle.


A ke a je tholwana tsa matsoho a hae, mme mesebetsi ya hae e mo rorise kgorong tsa motse.


Moratuwa wa me o jwalo, mokgotsi wa me o jwalo, lona baradi ba Jerusalema!


Tsela ya motho ya lokileng ke tsela e latsitsweng; wena ya lokileng, o latsa mmila wa ya lokileng.


Ba roma ho yena barutuwa ba bona le Baheroda, ba ya re: Moruti, re a tseba hobane o wa nnete, le hoba o ruta tsela ya Modimo ka nnete, le hoba ha o re letho ka motho; hobane tshobotsi ya motho ha e tadingwe ke wena.


hobane Heroda o ne a tshaba Johanne, a mo tseba hoba ke monna ya lokileng, ya halalelang; o ne a mo sireletsa, a be a etse ntho tse ngata, ha a mo utlwile, a rate le ho mo utlwa.


Yaba o re ho bona: Haele lona, le ipea ba lokileng pela batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona; hobane se phahameng ho batho, ke manyala pela Modimo.


Ho ne ho na le monna Jerusalema, ya bitswang Simeone; monna eo o ne a lokile, a hlonepha Modimo, a lebeletse tshediso ya Iseraele; mme Moya o Halalelang o ne o le ho yena.


Monna ya bitswang Josefa, monna wa lekgotla, o ne a le teng, e le monna ya molemo, ya lokileng.


Ya iqallang tsa hae o ipatlela thoriso ya hae; empa ya batlang thoriso ya ya mo romileng, ke yena e leng wa nnete, mme bokgopo ha bo yo ho yena.


Ba re: Kornele, molaodi wa lekgolo, monna ya lokileng, ya tshabang Modimo, ya roriswang ke setjhaba kaofela sa Bajuda, o laetswe ke Modimo ka lengeloi le halalelang, ho o biletsa tlung ya hae, a tle a utlwe seo o tla mmolella sona.


Teng, Ananiase, monna ya tshabang Modimo ka mokgwa wa molao, ya hlomphuwang ke Bajuda kaofela ba ahileng Damaseka,


Ha ho le jwalo, lona banababo rona, a le ke le kgetheng banna ba supileng hara lona, e leng ba tshepjwang, ba tletseng Moya o Halalelang le hlalefo, bao re ka ba beang tshebeletsong eo.


Re tsamayeng ka mokgwa o tshwanelang, jwaloka batho ba tsamayang motshehare o moholo, e seng ka meharo, le botahwa, le bootswa, le dikgang, le mona.


Hobane ba busang ha ba tshabehe ho ba etsang hantle, empa ba tshabeha ho ba etsang hampe. Na o rata hoba o se ke wa tshaba borena na? Etsa hantle, mme o tla bokwa ke hona.


Hobane ya sebeletsang Kreste nthong tseo, o kgahlisa Modimo, mme o emelwa ke batho.


empa Mojuda ke eo e leng yena kahare, mme lebollo ke la pelo, le etswang ke Moya, e seng ke letere: Mojuda eo, poko ya hae ha e tswe ho batho, empa e tswa ho Modimo.


Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.


Empa ke rapela Modimo hore le se ke la etsa bobe le hanyenyane; e seng hore re bonahale hoba re ba lokelwang ke ho amohelwa, empa e le hore le etse hantle, leha rona re ka ba jwaloka hoja re se na ho amohelwa.


hara hlompho, le hlomphollo, hara diketselletso le botumo bo botle;


Re romile le yena moena e mong ya tumileng dikerekeng tsohle ka taba tsa Evangeli;


Hobane re batla seo e leng se setle, e seng mahlong a Morena feela, e leng le mahlong a batho.


Empa tholwana ya Moya ke lerato, le thabo, le kgotso, le sebete, le kgauho, le molemo, le botshepehi, le bonolo, le boitshwaro.


Ka baka leo, le ke le tele leshano, mme e mong le e mong a bolele nnete ho wa habo; hobane re ditho ba bang tsa ba bang.


Hobane tholwana ya lesedi ke molemo wohle, le ho loka, le nnete.


Tiyang ke hona, le ntse le itlamile matheka ka senyepa sa nnete, mme le apere tshireletso ya sefuba, e leng ho loka.


O ye ka ho lokileng ruri, o tle o phele, mme o rue lefatshe leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona.


Haele ka ho hong, banabeso, le ithabele Moreneng. Ha ke kgathale ke ho le ngolla ditaba di le ding, mme ke ntho e le tiisang.


Tsamayang ka bohlale pela ba kantle, le ntse le lopolla dinako.


le tle le etse ka mokgwa o tshwanelang ka nqeng ya ba kantle, mme le se ke la hloka letho.


le marena, le bohle ba boholong, hore re tle re iphelele kgotsong le boiketlong ka borapedi bohle le ka bokgabane.


Le bona basadi ba bona e be batho ba bokgabane, e seng baetselletsi, ba be le phadimeho le ho tshepeha nthong tsohle.


ya busang ntlo ya hae hantle, ya kgannelang bana ba hae kutlong ka bokgabane bohle.


Ho se ke ha eba ya nyatsang botjha ba hao; empa e be wena o etsetsang badumedi mehlala ya dipolelo, ya metsamao, ya lerato, ya tumelo, le ya hlweko.


ya tumileng ka mesebetsi e metle, ya hodisitseng bana, le ho amohela baeti, le ho hlatswa bahalaledi maoto, le ho thusa ba mahlomoleng, le ho hlokomela mesebetsi yohle e molemo.


basadi ba hodileng jwaloka hoja ke bommao, ba batjha jwaloka hoja ke bokgaitsedie, ka hlweko yohle.


empa e be motho ya amohelang baeti, ya ratang batho ba molemo, ya hlalefileng, ya lokileng, ya halalelang, ya phelang ka boitshwaro;


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Bolella banna ba hodileng hore ba tshabe botahwa, ba tshabe le ho saoha, ba be le kelello, ba loke tumelong, le leratong le mamellong.


Wena ka sebele, o ba etsetse mehlala ya mesebetsi e metle nthong tsohle, ka thuto e hlwekileng le ka ho tshaba ho saoha.


Baheso le bona ba ke ba ithute ho phehella mesebetsi e metle, mohla e hlokwang, e tle e se be ba sa beheng ditholwana.


Ka yona baholo ba bone poko e ntle.


Re rapelleng; re fela re kgolwa hoba re na le letswalo le letle, re ntse re rata ho etsa hantle nthong tsohle.


Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke ha motho a lekola dikgutsana le basadi ba bahlolohadi mahlomoleng a bona, mme a ipoloka lefatsheng a se na le lethebanyana.


Empa bohlale bo tswang hodimo, taba ya bona ya pele, bo hlwekile, hape bo na le kgotso, bo bonolo, bo rekoloha kapele, bo tletse mohau le ditholwana tse monate, ha bo fetofetohe, ha bo na boiketsiso.


Jwale, meya ya lona ha e hlatswitswe ke ho utlwa nnete, hore le be le lerato la boena le se nang boiketsiso, a le ke le rataneng ka ho tiya ka pelo e hlwekileng;


le be le motsamao o motle hara bahetene, hore tabeng tseo ba le sebang ho tsona, jwaloka hola le le disenyi, ba rorise Modimo mohla o ba etelang, ha ba bontshisa mesebetsi ya lona e metle.


Haholoholo, le ratane ka phehello, hobane lerato le apesa dibe tse ngata.


Baratuwa, e se e le lengolo la bobedi leo ke le ngollang lona; mme ka wona a mabedi ke ntse ke re, ke a le hopotsa hore ke tsosa maikutlo a lona a hlwekileng;


Bana ba ka, re se ke ra rata ka dipolelo le ka leleme, e mpe e be ka ketso le ka nnete.


Mme e mong le e mong ya nang le tshepo eo ho wona, o a itlhwekisa, jwalokaha le wona o hlwekile.


Baratuwa, le se ke la dumela meya yohle, le mpe le leke meya, hore na ke e tswang ho Modimo; hobane baporofeta ba bohata ba tlile lefatsheng ba le bangata.


Mme jwale, moradi wa ka, se tshabe; ke tla o etsa ka tsohle tseo o di boletseng, hobane bohle ba motse wa tjhaba sa heso ba tseba hobane o mosadi ya kgabane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos