Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baahlodi 4:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, hobane Sisera o ne a na le makoloi a tshepe a makgolo a robileng mono o le mong; bana ba Iseraele ba tujwa hampe ke yena ka dilemo tse mashome a mabedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, hobane Jabine o ne a ena le dikariki tsa ntwa tse makgolo a robong, tse entsweng ka tshepe. A hatella bana ba Iseraele habohloko ka dilemo tse mashome a mabedi.

Ver Capítulo Copiar




Baahlodi 4:3
19 Referencias Cruzadas  

ba tujwa ke dira tsa bona, ba kokobetswa tlasa matsoho a tsona.


O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!


Enereha o ba bolaya, yaba hona ba o batlang, ba kgutlang, ba batla Modimo,


Ditshiu tse ngata ha di fetile, morena wa Baegepeta a shwa. Haele bana ba Iseraele, ba ne ba ntse ba dumaela ka baka la ho tubeha ha bona, ba meketsa, mme ho meketsa ha bona ha fihla ho Modimo, kamoo ba tubehang kateng.


O tla phopholetsa motshehare jwaloka sefofu se phopholetsang lefifing. O ke ke wa atleha ditabeng tsa hao. O tla hatakelwa, dintho tsa hao di hapuwe kamehla, ho se motho ya o namolelang.


Dijo tsa lefatshe la hao, le tsohle tsa ho sebetsa ha hao, di tla jewa ke setjhaba seo o sa se tsebeng; mme o tla hloriswa, o hatakelwe ka matsatsi wohle.


Bana ba Josefa, ba re: Thaba e ke ke ya re lekana, hobane Bakanana kaofela ba dutseng lehwatateng ba na le makoloi a tshepe; ke ba Bethe-Sheane le metse ya teng, le ba lehwatateng la Jisreele.


Jehova a ba le Juda, mme Juda a hapa dithaba, a mpa a sitwa ho tlosa ba ahileng lehwatateng, kahobane ba ne ba na le makoloi a tshepe.


Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, ba re: Re o sitetswe, etswe re furaletse Modimo wa rona, re sebeleditse boBaale.


Yaba ba lahla medimo esele e hara bona, mme ba sebeletsa Jehova; Jehova a utlwela Baiseraele bohloko ka baka la tsietsi ya bona.


Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, mme Jehova a ba hlahisetsa monamoledi, Ehude, mora Gera, Mobenjamine, monna ya leqele. Bana ba Iseraele ba romela nyehelo ka yena ho Eglone, morena wa Moabe.


Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, mme Jehova a hlahisetsa bana ba Iseraele monamoledi ya ba namolelang, e leng Othniele, mora Kenase, moena Kalebe.


Yaba Sisera o bokella makoloi a hae kaofela, e leng makoloi a tshepe a makgolo a robileng mono o le mong, le setjhaba sa hae kaofela, ho tloha Haroshethe-Gojime, ho isa molapong wa Kishone.


Mohlang oo, Debora, moporofeta wa mosadi, mohatsa Lappidothe, o ne a ahlola Iseraele.


Enere ha Baiseraele ba kgethile medimo e metjha, ke ha ntwa e tla hlaha dikgorong tsa metse. Hleka thebe, kapa lerumo, di ne di ka fumanwa ho Baiseraele ba kete tse mashome a mane na?


Baiseraele ba fumanehiswa haholo ke Bamidiane, bana ba Iseraele ba ba ba howeletsa ho Jehova.


Ebile bana ba Iseraele ba re ho Samuele: O se ke wa lesela ho re hoelletsa ho Jehova, Modimo wa rona, a tle a re namolele matsohong a Bafilesta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos