Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baahlodi 4:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Jehova a ba rekisetsa matsohong a Jabine, morena wa Kanana, ya neng a busa Hatsore; molaodi wa makgotla a hae e ne e le Sisera, ya ahileng Haroshethe-Gojime.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Morena a neelana ka bona matsohong a Jabine, kgosi ya Kanana, e neng e busa Hasore. Molaodi wa mabotho a hae e ne e le Sisera, ya neng a ahile Haroshete ya Baditjhaba.

Ver Capítulo Copiar




Baahlodi 4:2
11 Referencias Cruzadas  

O ba etse jwalokaha o entse Midiane, le Sisera, le Jabine, nokaneng ya Kishone,


Ho thwe ke Jehova: Lengolo la mma lona la hlalo le kae leo ke mo kgutlisitseng ka lona? Kapa ke rekile ka lona ho mang wa bao ke namileng ho bona na? Bonang, ho rekilwe ka lona ka baka la dibe tsa lona, mma lona o hladilwe ka baka la ditlolo tsa lona.


mme kahobane a hlokile seo a ka lefang ka sona, morena wa hae a laela, a re, ho rekiswe ka yena, le ka mosadi wa hae, le ka bana, le ka tsohle tseo a nang le tsona, molato o tle o phethwe jwalo.


Jabine, morena wa Hatsore, ha a utlwa tseo, a romela ho Jobabe, morena wa Madone, le ho morena wa Shimrone, le ho morena wa Aksafe,


Adama, Rama, Hatsore;


Yaba kgalefo ya Jehova e tukela Baiseraele, mme a ba rekisetsa matsohong a Bafilesta le matsohong a bana ba Ammone.


Yaba Sisera o bokella makoloi a hae kaofela, e leng makoloi a tshepe a makgolo a robileng mono o le mong, le setjhaba sa hae kaofela, ho tloha Haroshethe-Gojime, ho isa molapong wa Kishone.


Barake a phallela makoloi le makgotla ho ya fihla Haroshethe-Gojime; mme makgotla kaofela a Sisera a bolawa ka bohale ba lerumo, ho se ke ha phonyoha motho le a mong.


Baiseraele ba mpa ba lebala Jehova, Modimo wa bona, mme a ba neela matsohong a Sisera, molaodi wa makgotla a Hatsore, le matsohong a Bafilesta, le matsohong a morena wa Moabe, ba lwantshwa ke bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos