Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baahlodi 1:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Juda a bolella Simeone ngwanabo, a re: A re nyolohele le wena fatsheng leo ke le abetsweng, re tle re futuhele Bakanana, re ntoo ya le wena ho le abetsweng wena. Mme Simeone a ya le yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ba morabe wa Juda ba re ho bana babo bona, e leng ba morabe wa Simeone: “Nyolohelang le rona naheng eo re e abetsweng, re tle re lwantsheng Bakanana, mme le rona re tla ya le lona naheng eo le e abetsweng.” Ba morabe wa Simeone ba tsamaya le bona.

Ver Capítulo Copiar




Baahlodi 1:3
7 Referencias Cruzadas  

A boela a emola, a tswala mora, a re: Kahobane Jehova o utlwile hore ke hloilwe, o boetse o nneile le enwa; mme a mo rea lebitso la Simeone (kutlo).


Joabe a re ho yena: Ha Basiria ba ka nkimela, o tle o tlatsetse ho nna; ha bana ba Ammone ba o imela, ke tla tlatsetsa ho wena.


Karolo ya bobedi ya laolelwa Simeone, ke ho rea, leloko la bana ba Simeone ka matlo a bona; lefa la bona la eba hara lefa la bana ba Juda.


ba leloko la Simeone ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Levi ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi; ba leloko la Isakare ba tshwailweng ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi;


Hape, Juda ba tsamaya le Simeone ngwanabo, ba ya, ba hlola Bakanana ba ahileng Tsefathe, mme ba ba neela anathema. Ka baka leo, motse oo wa rewa lebitso la Horma (anathema).


Jehova a araba, a re: Ho futuhe Juda; bonang, ke neetse lefatshe matsohong a hae.


Juda a nyoloha, mme Jehova a neela Bakanana le Baferese matsohong a bona, mme ba bolaya banna ba kete tse leshome Beseke.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos