Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Baahlodi 1:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Juda a nyoloha, mme Jehova a neela Bakanana le Baferese matsohong a bona, mme ba bolaya banna ba kete tse leshome Beseke.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ba morabe wa Juda ba nyoloha, mme Morena a neelana ka Bakanana le Baperise matsohong a bona. Ba bolaya banna ba bona ba dikete tse leshome motseng wa Beseke.

Ver Capítulo Copiar




Baahlodi 1:4
17 Referencias Cruzadas  

Yaba o fihla ho morena; morena a re ho yena: Mikea, ana re tla ya lwantsha Ramothe-Gileade, kapa re lese na? Yena a re: Nyoloha, o atlehe; Jehova o tla o neela matsohong a morena.


Morena wa Iseraele a bokanya baporofeta, ba batla ba eba makgolo a mane; a re ho bona: Hleka ke tla futuhela Ramothe-Gileade, kapa ke lese na? Ba re ho yena: Nyoloha, hobane Morena o tla o neela matsohong a morena.


O lelekisitse ditjhaba ka letsoho la hao, hore o ba bee tulong tsa tsona; wa fedisa ditjhaba, hore o ba atise.


wa lelekisa matjhaba pela bona, wa ba arolela lefa la bona ka thapo, mme wa kenya meloko ya Iseraele ditenteng tsa yona.


ha Jehova, Modimo wa hao, a se a di neetse matsohong a hao, mme o di qhadile, o ke o di neele anathema; o se ke wa etsa selekane le tsona, mme o se ke wa di qenehela.


Tseba kajeno hobane Jehova, Modimo wa hao, o ya o etella pele, a le jwaloka mollo o timeletsang; o tla ba fedisa, a ba kokobetse pela hao; mme o tla ba falatsa, o ba fedise kapele, jwalokaha Jehova a o boleletse.


Juda a bolella Simeone ngwanabo, a re: A re nyolohele le wena fatsheng leo ke le abetsweng, re tle re futuhele Bakanana, re ntoo ya le wena ho le abetsweng wena. Mme Simeone a ya le yena.


Ba fihlela Adoni-Beseke motseng wa Beseke, ba mo lwantsha, mme ba qhala Bakanana le Baferese.


Jafeta a fetela pele ho bana ba Ammone, ho ya ba lwantsha; mme Jehova a ba neela matsohong a hae.


Ha ho le jwalo, bana ba Iseraele ba nna ba aha hara Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse.


Saule ha a ba bala Beseke, bana ba Iseraele ya eba dikete tse makgolo a mararo, banna ba Juda bona e le dikete tse mashome a mararo.


Ha ba ka re, re hlwelle ho bona, teng re tla hlwa, hobane etlaba Jehova o ba neetse matsohong a rona: hona e tla ba pontsho ho rona.


Jonathane a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re tshelele ho ya qhobosheaneng ya maqai ano; mohlomong Jehova a ka re thusa; hobane ha ho kamoo Jehova a ka sitwang kateng, ho pholosa ka ba bangata, leha e le ka ba seng bakae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos