Ha ho le jwalo, Jehova o re: Botsisisang ditjhaba jwale, hore na e mong o teng ya utlwileng tse kale ka tseo? Morwetsana wa Iseraele o entse ketso e tshabehang haholo.
Ke tla phahamisa dillo le pokollo dithabeng, le makgulong a lefeella ke bine kodiyamalla, hobane a tjhesitswe, ha ho sa le motho ya fetang teng, ha ho sa utluwa dillo tsa mehlape; dinonyana tsa lehodimo le diphoofolo di balehile, di ile.
Ka baka leo, basadi, mamelang lentswe la Jehova, ditsebe tsa lona di ke di amohele lentswe la molomo wa hae; le rute baradi ba lona ho bina pina ya bofifi, motho a rute wa habo kodiyamalla.
Mollo o tswile thupeng tsa makala a wona, wa ba wa eja ditholwana tsa wona; ha ho sa le lekala le matla, leha e le lere la ho rena. Ke yona kodiyamalla, e tla nne e be kodiyamalla.
Ba tla o binela kodiyamalla, ba re ho wena: O timetse jwang, wena ya neng a hahilwe hara mawatle, wena motse o tumileng, o neng o le matla lewatleng, wena le bohle ba ahileng ha hao, ba neng ba tshajwa ke bohle ba ahileng pela lewatle?
Mora motho, etsa pina ya kodiyamalla ka morena wa Tire, o re ho yena: Morena Jehova o re: O ne o iponahaditse hoba o phethehile, o ne o tletse bohlale, o phethehile ka botle.
Ke yona kodiyamalla, mme e tla binwa. Barwetsana ba baditjhaba ba tla bina kodiyamalla eo; ba tla bina kodiyamalla eo ka Egepeta le ka bongata ba batho ba teng: ho bolela Morena Jehova.
Mora motho, etsa pina ya kodiyamalla ka Faro, morena wa Egepeta, o re ho yena: O ne o tshwana le tau hara ditjhaba; o ne o le jwaloka kwena mawatleng, o thala dinokeng tsa hao, o duka metsi ka maoto a hao, o etsa dinoka tsa heno dikgotlela.
Utlwang lentswe lena, lona dithole tsa Bashane tse thabeng ya Samaria, lona le hlorisang ba banyenyane, le tshwenyang mafutsana, le reng ho banna ba lona: Tlisang, re nwe!
Ka baka leo, Jehova, Modimo wa makgotla, Monghadi, o re: Mapatlelong wohle dillo di tla ba teng, le diterateng tsohle ba tla howa, ba re: Jo! Jo! Molemi o tla biletswa ho lla, ba tsebang pina tsa mahlomola ba biletswe ho bokolla.
Ka tsatsi leo, ho tla etswa pina ya sesomo hodima lona, ho binwe le pina ya mahlomola e reng: Ho fedile! Re sentswe, re sentswe ruri. Jehova o nea ba bang lefa la setjhaba sa heso! O nkamoha lona jwang? O arolela bahedene masimo a rona!