Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 4:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hobane bona, ya hlodileng dithaba, ya entseng moya, ya tsebisang motho tse hopotsweng ke yena, ya fetolang meso lefifi, ya tsamayang hodima diphahama tsa lefatshe, lebitso la hae lona ke Jehova, Modimo wa makgotla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Ke yena ya theileng dithaba, a ba a bopa le meya. O senolela motho mehopolo ya hae, a fetole meso, a e etse lefifi. O tsamaya a phahametse lefatshe, lebitso la hae ke Morena, Morena, Modimo wa mabotho.

Ver Capítulo Copiar




Amose 4:13
38 Referencias Cruzadas  

O laela letsatsi hore le se ke la tjhaba, o sirela dinaledi ka tiiso ya wona.


Ke yena ya tsosang maru dipheletsong tsa lefatshe, ya nesang dipula ka diaduma, ya ntshang meya dipolokelong tsa hae;


O tseba ha ke dula, leha ke tsoha; o tseba mohopolo wa ka, o le hole.


O romela lentswe la hae, a di qhibidihise; o fokisa moya wa hae, metsi a phorosetse.


wena ya tiisang dithaba ka matla a hao, ya apereng matla;


Moshe a otlollela letsoho la hae hodimo, mme lefifi le letsho la eba teng naheng yohle ya Egepeta ka tshiu tse tharo.


Ya tla dipakeng tsa ntwa ya Egepeta le tsa ntwa ya Iseraele, ya eba maru le lefifi ka nqe nngwe, ka nqe nngwe ya bonesa bosiu; ha ba ka ba atamelana ka bosiu bohle.


Ke mang ya lekantseng metsi ka seatleng sa hae? Ke mang ya lekantseng mahodimo ka boahlamo ba menwana ya hae? Ke mang ya bokeletseng lerole la lefatshe tekanyong? Ke mang ya lekantseng boima ba dithaba ka sekgoketsane, le dithabana ka sekala?


Ke nna ke bopang lesedi, ke hlahisang lefifi, ke etsang kgotso, ke hlahisang tshenyo; ke nna Jehova ya etsang tseo kaofela.


Molopolli wa rona, lebitso la hae ke Jehova wa makgotla, Mohalaledi wa Iseraele.


Hobane ba itheella lebitso ka motse o halalelang, ba itshematlela ka Modimo wa Iseraele, oo lebitso la wona e leng Jehova wa makgotla.


Tsatsing leo, ho tla duma hodima Juda, jwalokaha ho duma lewatle; ha ho tadingwa lefatshe, ho tla bonwa lefifi le mahlomola, hodima lesedi le tla fifatswa ke maru.


Ha o phahamisa lentswe, modumo wa metsi o ye o be teng mahodimong; o nyolosa mehodi dipheletsong tsa lefatshe; ka lehadima o nesa pula, o ntsha moya matlotlong a wona.


Eo e leng kabelo ya Jakobo, ha a jwaloka tseo, hobane ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke setjhaba sa lefa la hae; Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Neang Jehova, Modimo wa lona, letlotlo, a eso ho hlahise lefifi, maoto a lona a eso ho kgoptjwe dithabeng tsa bosiu, a eso ho fetole lesedi leo le le lebeletseng moriti wa lefu, le ho hlahisa botsho.


Ke a phela, ho bolela Morena eo Jehova wa makgotla e leng lebitso la hae, hore, jwalokaha Thabore a le hara dithaba, le jwalokaha Karmele a le pela lewatle, o ya tla.


Ha a phahamisa lentswe, modumo wa metsi o ye o be teng mahodimong; o nyolosa mehodi dipheletsong tsa lefatshe; ka lehadima o nesa pula, o ntsha moya matlotlong a hae.


Eo e leng kabelo ya Jakobo ha a jwaloka tseo, ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke kabelo ya lefa la hae: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Empa Modimo o teng lehodimong o senolang diphiri, mme o tsebisitse morena Nebukadnesare tse tlang ho etsahala mehleng e tlang ho tla. Toro ya hao le dipono tse itlhahetseng moyeng wa hao ha o ne o robetse, ke tsena:


Ha e le ka nna, hase ka bohlale boo ke fetisang ba utlwang kaofela ka bona, ha ke senoletswe sephiri sena, empa e le hore morena a se kwahollelwe, le hore o utlwisise mehopolo ya pelo ya hao.


Haele wena, o kgutlele ho Jehova, o boloke mohau le ho loka, o itshepele Modimo wa hao kamehla.


Ke letsatsi la botsho le la lefifi, ke letsatsi la maru, la maru a matsho. Jwaloka mafube a meso ha a aparela dithaba, ho tla setjhaba se seholo, se matla. Ho qala tshimolohong, ha ho eso ho be se ka ka sona, mme kamora sona ha ho sa tla boela ho be teng se jwalo ho isa dilemong tse sa yena kae.


Mamelang, le pake tsa ntlo ya Jakobo, ho bolela Morena Jehova, Modimo wa makgotla.


Ka baka leo, ke tla le isa kgolehong ho feta Damaseka, ho bolela Jehova, eo lebitso la hae e leng Modimo wa makgotla.


athe ke yena ya entseng Selemela le Makolobe; ya fetolang lefifi lesedi la hosasa, le motshehare o o fetola lefifi; o bitsa metsi a lewatle, mme o a tshollela hodima lefatshe; Jehova ke lebitso la hae;


Morena Jehova o hlapantse ka moya wa hae, o re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla: Ke hloile boikgohomoso ba Jakobo, matlo a hae a borena ke a a ila; ke tla neela dira motse le tsohle tse ho wona.


Ka tsatsi leo, ho itswe ke morena Jehova: Ke tla diketsa letsatsi motshehare o moholo lefifi ke le hlahise lefatsheng nyene.


O haha matlo a hae a phahameng lehodimong; o bea lehodimo ho ba marulelo a hae hodima lefatshe; o bitsa metsi a lewatle, a a tshollele hodima lefatshe: lebitso la hae ke Jehova.


Hobane, bonang, Jehova o ya tswa nqalong ya hae, o tla theoha, a tsamaye hodima diphahameng tsa lefatshe;


Jehova Morena ke matla a ka; o tla fetola maoto a ka, a be jwaloka a dikgama; o tla ntsamaisa hodima nqalo tsa ka tse phahameng. Ho mophokodi. Ka diletsa tsa ka tse tidinngwang.


Boporofeta ba lentswe la Jehova hodima Iseraele: Ho itswe ke Jehova ya alang mahodimo, ya theang lefatshe, ya bopang moya wa motho ka ho yena:


Jesu ha a bona mehopolo ya bona, a re: Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona?


le kahobane a ne a sa tshwanele a ka bolellwa tsa motho ke e mong; hobane o ne a itsebela se leng teng ka ho motho.


Moya o fokela moo o ratang teng, mme o utlwa modumo wa wona, empa ha o tsebe moo o tswang teng, le moo o yang teng. Ho jwalo le ho bohle ba tswetsweng ke Moya.


O mo hlwesitse dithota tse phahameng tsa lefatshe, a ba a ja dijo tsa naha; a mo momontshitse dinotshi tse tswang mafikeng, le ole e tswang majweng a thata;


O lehlohonolo hakakang, Iseraele! Setjhaba ke sefe se tshwanang le wena, setjhaba se pholositsweng ke Jehova, e leng thebe ya thuso ya hao, le lerumo la boholo ba hao? Dira tsa hao di tla ikokobetsa pela hao, mme o tla hatakela nqalo tsa bona tse phahameng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos