Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 5:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ebile Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla nyolohela mo lwantsha Bafilesta? Na o tla ba neela matsohong a ka na? Jehova a re ho Davida: Nyoloha, hobane ruri ke tla neela Bafilesta matsohong a hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Davida a botsa Morena, a re: “Na nka futuhela Bafilesita? Na o tla neelana ka bona matsohong a ka?” Morena a re ho Davida: “Futuha, hobane ke tla fela ke neelane ka Bafilesita matsohong a hao.”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 5:19
12 Referencias Cruzadas  

Kamora tseo, Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla ya ho o mong wa metse ya Juda na? Jehova a re ho yena: Eya. Davida a re: Ke tla ya ho ofe? Jehova a re: Eya Hebrone.


Davida ha a botsa Jehova, Jehova a re: O se ke wa ya pontsheng; o ba pote kamorao, mme o ba seeletse maloka le difate tsa monokotswai.


Morena wa Iseraele a bokanya baporofeta, ba batla ba eba makgolo a mane; a re ho bona: Hleka ke tla futuhela Ramothe-Gileade, kapa ke lese na? Ba re ho yena: Nyoloha, hobane Morena o tla o neela matsohong a morena.


O mo kenye mererong ya hao yohle, mme o tla o tsamaisa ditseleng tsohle tsa hao.


Empa jwale le ka be le re: Ha Morena a rata, ha re sa le teng, re tla etsa hore le hore.


Finease, mora Eleasare, mora Aarone, o ne a eme pela Modimo mohlang oo), ba re: Na re tla boela re tswe ho ya lwantsha bana ba Benjamine, banababo rona, kapa a re tla lesa na? Jehova a re: Nyolohang, hobane hosasane, ke tla ba neela matsohong a lona.


Hleka ke qadile mohlang oo ho mmotsetsa Modimo na? Le hanyane! Morena a se ke a jarisa mohlanka wa hae, leha e le bohle ba ntlo ya ntate, taba e kalo; etswe mohlanka wa hao a ne a sa tsebe taba e nyenyane, leha e le e kgolo, ho tseo tsohle.


Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla ya, ke hlole Bafilista bao na? Jehova a re ho Davida: Eya, o hlole Bafilesta, o namolele Keila.


Davida a eketsa hape, a botsa Jehova; Jehova a mo arabela, a re: Tloha, o theohele Keila, hobane ke tla neela Bafilesta matsohong a hao.


Leha Saule a ne a botsa Jehova, Jehova o ne a sa mo arabele, leha e le ka ditoro, leha e le ka Urime, leha e le ka baporofeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos