Yaba ka selemo sa leshome le metso e mene, Kedorlaomere a tla le marena a nang le yena, mme ba hlola ba Refaime Ashterothe-Karnaime, le Bazuzime Hame, le Baemime Shave-Kiryathaime,
Ba bararo ba dinatla tse mashome a mararo, ba theoha, ba fihla ho Davida, lehaheng la Adullame, mohla ho kotulwang; ntwa ya Bafilesta e ne e emisitse sekgutlong sa Barefaime.
Ba bararo ho bao e leng dihlooho tsa dinatla tse mashome a mararo ba ne ba theohetse ho Davida seqhobong, lehaheng la Adullame; diahelo tsa Bafilesta di ne di hlomilwe kgohlong ya Barefaime.
Ho tla ba jwaloka mohla mokotudi a tshwarang ditlhaka tsa koro, mme letsoho la hae le hela diqwapi, le jwaloka mohla ho tholwang diqwapi sekgutlong sa Refaime.
Moedi o ntoo nyolosa ka kgohlo ya mora Hinnome, e nqa borwa ho Jebuse, e leng Jerusalema; moedi o ntoo nyolosetsa qhoweng ya thaba e mabapa le kgohlo ya Hinnome, nqa bophirimela, ho felleng ha kgohlo ya Refaime, nqa leboya.
Joshua a re ho bona: Ha le le batho ba bangata, eyang morung, le ikgathele teng fatsheng la Baferese le la Barefaime, ha thaba ya Efraime e sa le lekane.
Moedi o ntoo theosetsa nkong ya thaba e pela kgohlo ya mora Hinnome e sekgutlong sa Barefaime, nqa leboya; o boela o theosa kgohlo ya Hinnome mabapa le Bajebuse, nqa borwa: jwale, o theosetsa Ene-Rogele.