Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 23:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Haele ba bolotsana, kaofela ha bona ba ka meutlwa e lahlwang, e se nang ho tshwarwa ka letsoho;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Ba kgopo ba jwaloka meutlwa, meutlwa e lahlwang, e ke keng ya tshwarwa ka letsoho la motho;

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 23:6
12 Referencias Cruzadas  

le tla o medisetsa ditshehlo le meutlwa, mme o tla ja jwang ba naha.


Bakeng sena, ha hlaha monna wa Beliale, bitso la hae e le Sheba, mora Bikri, monna wa Benjamine; a letsa terompeta, a re: Ha re na kabelo ho Davida, hape ha re na lefa ho mora Jese; oho Iseraele, e mong le e mong a boele tenteng ya hae.


Kamoo mohaladitwe o leng kateng hara meutlwa, thatohatsi ya ka o jwalo hara barwetsana.


Ha ke sa na bohale; leha ho le jwalo, ha nka kgahlana le dibajwa le meutlwa, ke tla lwana le tsona, ke itihele ho tsona, ke di tjhese kaofela ha tsona.


Ditjhaba di tla tjha jwaloka kalaka ha e beswa, di tjheswe ka mollo jwaloka meutlwa e remilweng.


Haele wena, mora motho, o se ke wa ba tshaba, o se ke wa tshoha mantswe a bona, leha bona ho wena e le bobatsi le meutlwa, mme o ahile le diphepheng. Se tshohe mantswe a bona, o se ke wa tepella ka baka la bona, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.


Ya fetang ba bang ka molemo o jwaloka tshehlo, le ya ba fetang ka ho loka o hlaba le ho fetisa lekgwakgwa la meutlwa. Letsatsi le boletsweng ke dibohodi tsa hao, letsatsi la kotlo ya hao le tlile; ke moo ba tla tsieleha.


Hobane, leha ba rarellane jwaloka meutlwa, mme ba tahilwe ke seno sa bona, ba tla tjheswa kaofela jwaloka mooko o omileng.


Mora motho o tla roma mangeloi a hae; a tla kgetha mmusong wa hae dikgopiso tsohle le ba etsang bokgopo,


Batho ba bolotsana ba tswile ho wena, mme ba kgelositse ba ahileng motseng wa bona, ka ho re: A re yeng, re sebeletse medimo esele eo le sa e tsebeng;


Haele bara ba Eli, e ne e le bara ba Beliale; ba ne ba sa re letho ka Jehova.


Jwale, o ka tseba, le ho bona seo o ka se etsang; hobane monga rona le bohle ba ntlo ya hae ba se ba reretswe bobe; hape, ke motho ya bohale, ha ho motho ya ka buang le yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos