Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 18:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Haele Absalome, a tshoha a kgahlana le bahlanka ba Davida. Absalome o ne a kaletse esele; esele ha e fihla tlasa makala a lohaneng a sefate se selelele sa terebinte, hlooho ya Absalome ya tshwaswa sefateng sa terebinte, mme a leketla hara sebaka, mahareng a lehodimo le lefatshe; esele e tlasa hae yona ya feta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Bahlankana ba Davida ba bona Absalome a palame mmeile. Eitse ha mmeile o feta tlasa makala a teteaneng a sefate se seholo sa eike, hlooho ya hae ya tshwaswa ke makala, yena a sala a leketlile sebakeng, mmeile oo a neng a o palame wa monyoha katlasa hae.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 18:9
18 Referencias Cruzadas  

Yaba bahlanka ba Absalome ba etsa ka Amnone kamoo Absalome a laetseng kateng; mme bara bohle ba morena ba tsoha, ba kalla e mong le e mong esele ya hae, ba baleha.


Enere ha a kuta hlooho ya hae, — o ne a ikuta ho feleng ha lemo se seng le se seng, hobane moriri o ne o mo imela, a nna a o kuta ke hona, — boima ba moriri wa hlooho ya hae e be e le ba dishekele tse makgolo a mabedi, ka tekanyo ya morena.


Jwale, Akitofele, ha a bona hore ha ho etswe ka keletso ya hae, a qhaneha esele ya hae, a tloha, a ya hae motseng wa habo; a hleka ntlo ya hae, a ikgama, a shwa, mme a epelwa lebitleng la ntatae.


Monna e mong, ha a bona hoo, a tsebisa Joabe, a re: Bona, ke bone Absalome a lepeletse sefateng sa terebinte.


Joabe a re: Ha ke na ho dieha hakalo ka baka la hao. Yaba o nka marumo a mararo letsohong la hae, a hlaba Absalome pelong ka wona, Absalome a ntse a le hara sefate sa terebinte, a sa utlwa.


Hobane teng, ntwa ya qhalana ka lefatshe lohle, mme tsatsing leo moru wa eja batho ba fetisang ba jelweng ke lerumo.


Tshenyeho na hase ya mosenyi na? le tahleho na ha ya beelwa ba sebetsang bokgopo na?


Ya rohakang ntatae le mmae, lebone la hae le tla tima lefifing.


Leihlo la motho ya somang ntatae, ya nyedisang thuto ya mmae, makgwaba a molapo a tla le honya, madinyane a ntsu a le je.


Ya balehelang mokgosi o tla wela mokoting; ya nyolohang mokoting o tla tshwaswa lerabeng; hobane ke se ke ya tlisa hodima hae, hodima Moabe, selemo sa kotlo ya bona, ho bolela Jehova.


Ebile ke ha a lahlela ditjhelete tsa silefera tempeleng, a tloha, a iphenetha.


Hobane Moshe o itse: Hlonepha ntatao le mmao, mme ya buang hampe le ntatae, leha e le mmae, a bolawe.


Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho etswa thohako bakeng sa rona; — hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya fehilweng sefateng;


setopo sa hae se se ke sa sala sefateng bosiu bohle, o mpe o se epele ka lona letsatsi leo; hobane ya fanyehilweng o rohakilwe ke Modimo, mme ha o na ho silafatsa lefatshe leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona ho le rua.


Ho rohakwe ya nyedisang ntatae, kapa mmae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


Ho rohakwe ya robalang le mosadi wa ntatae, hobane o apotse kobo ya ntatae! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos