2 Samuele 18:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)10 Monna e mong, ha a bona hoo, a tsebisa Joabe, a re: Bona, ke bone Absalome a lepeletse sefateng sa terebinte. Ver CapítuloBIBELE10 Monna e mong ya ileng a bona hona a bolella Joabe, a re: “Ke bone Abosalome a leketlile sefateng sa eike.” Ver Capítulo |
Haele Absalome, a tshoha a kgahlana le bahlanka ba Davida. Absalome o ne a kaletse esele; esele ha e fihla tlasa makala a lohaneng a sefate se selelele sa terebinte, hlooho ya Absalome ya tshwaswa sefateng sa terebinte, mme a leketla hara sebaka, mahareng a lehodimo le lefatshe; esele e tlasa hae yona ya feta.