Tulong tsa Joabe, Absalome a bea Amasa molaodi wa makgotla. Amasa eo e ne e le mora motho ya bitswang Jithra, Moiseraele, ya neng a kene ho Abigaile, moradi wa Nahashe, ngwanabo Tseruja, mma Joabe.
Le leloko la Manasse la laolelwa lefa, etswe e le letsibolo la Josefa. Makire ke yena letsibolo la Manasse le ntata Gileade. A newa Gileade le Bashane, hobane e ne e le mohale.