Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 17:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Tulong tsa Joabe, Absalome a bea Amasa molaodi wa makgotla. Amasa eo e ne e le mora motho ya bitswang Jithra, Moiseraele, ya neng a kene ho Abigaile, moradi wa Nahashe, ngwanabo Tseruja, mma Joabe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Abosalome a bea Amasa ditulong tsa Joabe, hore e be molaodi wa mabotho. Amasa e ne e le mora wa monna wa Moishemaele, ya neng a bitswa Jitera. Mmae e ne e le Abikale, moradi wa Nahashe, e leng moena wa Seruya, mma Joabe.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 17:25
11 Referencias Cruzadas  

Jwale, Baiseraele le Absalome ba ya, ba emisa naheng ya Gileade.


Le ho Amasa le re: Na ha o masapo a ka le nama ya ka na? Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha o sa bewe molaodi wa makgotla a ka kamehla, tulong tsa Joabe.


A sekamisa jwalo pelo tsa banna bohle ba Juda, jwaloka hoja ke motho a le mong. Ba romela ke hona ho morena, ba re: Kgutla, wena le bahlanka ba hao bohle.


Ebile morena o re ho Amasa: Mmemele banna ba Juda ka tshiu tse tharo, le wena o ke o be teng.


Yaba Joabe o utlwa taba tseo, hobane Joabe o ne a latetse Adonija, leha a ne a sa ka a latela Absalome; Joabe a tshabela tenteng ya Jehova, a tshwara dinaka tsa aletare.


Jehova o tla busetsa madi a Joabe hloohong ya hae, hobane o bolaile batho ba babedi ba mo fetang ka ho loka le ka molemo, ntate Davida a sa tsebe; o ba bolaile ka lerumo; ke Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Iseraele, le Amasa, mora Jethere, molaodi wa makgotla a Juda.


Hape, o tseba seo Joabe, mora Tseruja, a nkentseng sona, e leng seo a se entseng balaodi ba babedi ba makgotla a Iseraele, Abnere mora Nere, le Amasa mora Jethere, kamoo a ba bolaileng kateng, a tsholla kgotsong madi a ka tshollwang ntweng, a qaphaletsa senyepa sa hae se thekeng la hae, le dieta tsa hae tse maotong a hae ka madi a ka tshollwang ntweng.


Ho Bamanasse, ba bang ba theohela ho Davida, mohla a futuhelang Saule, a ena le Bafilesta; empa ha ba ka ba ba tlatsa; eitse hobane marena a Bafilesta a eletsane, a mo kgutlisa, a re: A ka fetela ho Saule, hlooho tsa rona tsa kena tsietsing.


Jese a tswala Eliabe letsibolo la hae, le Abinadabe moenae; wa boraro ke Shimea,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos