Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 14:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mosadi a re: Lekgabunyane la hao le ke le eketse ho bua pela morena, monga ka. Morena a re: Bua.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Jwale mosadi a re: “Ke a o rapela: Dumella lekgabunyane la hao le ke le bue lentswenyana ho monga ka, kgosi.” Kgosi ya re: “Bua!”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 14:12
10 Referencias Cruzadas  

Abrahama a araba, a re: Bona hle, ke betile pelo ho buisana le Morena, leha ke le lerole le molora feela.


A re: Oho! Morenaka a se ke a halefa, mme ke tla boela ke bue hang feela: Ekaba ho ka fumanwa teng ba lokileng ba leshome feela. A re: Nke ke ka o senya ka baka la ba lokileng bao ba leshome.


Yaba Juda o mo atamela, a re: Oho, morena, mohlanka wa hao a ke a bue lentswe le le leng ditsebeng tsa morena wa ka, mme bohale ba hao bo se ke ba tukela mohlanka wa hao, hobane o lekana le Faro.


Mosadi a re: Morena a ke a hopole Jehova, Modimo wa hae, hore mophetetsi wa madi a se ke a eketsa ho senya, ka ho timetsa mora ka! Davida a re: Ka Jehova ya utlwang, ha ho ka ke ha wela fatshe qoba le e nngwe ya moriri wa mora hao.


Mosadi a re: Homme ke ka baka lang ha o hopotse ho etsetsa setjhaba sa Modimo taba e kale ka eo na? Ka taba eo morena a e boletseng, o ikentse motho ya kang o molato, kahobane morena a sa late ngwana hae ya lelekilweng.


Ha a atametse pela hae, mosadi a re: A ke wena Joabe na? A re: Ke nna enwa. Mosadi a re ho yena: Mamela polelo tsa lekgabunyane la hao. Joabe a re: Ke a mamela.


A eketsa a re: Ke tlile ho wena ka taba. Bathe-Sheba a re: Bua.


Jehova, o lokile, nka sitwa ho tseka le wena; leha ho le jwalo, ke ya tseka le wena. Na ba babe ba ntse ba atleha keng? Bathetsi kaofela ba na le kgotso keng?


Jwale, Agripa a re ho Pauluse: O ka ikarabela. Yaba Pauluse o otlolla letsoho la hae, a ikarabela, a re:


A itihela maotong a hae, a re: Molato e be wa ka, monghadi; leha ho le jwalo, lekgabunyane la hao le ke le bue tsebeng tsa hao, mme o utlwe mantswe a lekgabunyane la hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos