Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 14:12 - BIBELE

12 Jwale mosadi a re: “Ke a o rapela: Dumella lekgabunyane la hao le ke le bue lentswenyana ho monga ka, kgosi.” Kgosi ya re: “Bua!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mosadi a re: Lekgabunyane la hao le ke le eketse ho bua pela morena, monga ka. Morena a re: Bua.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 14:12
10 Referencias Cruzadas  

Aborahama a boela a re: “Ako bone! Ke bile sebete ho bua le Morena, le hoja ke le lerole le molora feela.


Yaba Aborahama o re: “Oho, Morena a se ke a mpa a halefa hle, ke mpe ke bue la ho qetela. Teng haeba ho ka fumanwa ba leshome?” Morena a araba, a re: “Ka baka la bao ba leshome nke ke ka o timetsa.”


Jwale Juda a atamela ho yena, a re: “Oho, morena ka, ako dumelle mohlanka wa hao hle, a bue lentswe le le leng feela ho morena ka, mme o se mo halefele, hobane o tshwana le Faro.


Yaba mosadi o re: “Ke a o rapela: E se eka kgosi e ka rapela Morena Modimo wa yona, a thibela mophetetsi wa madi a tsholotsweng, hore a se ke a timetsa mora wa ka.” Kgosi ya re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, leha e le qoba e le nngwe feela ya moriri wa mora wa hao, e ke ke ya wela fatshe!”


Mosadi enwa a re: “Ke ka lebaka lang ha o hopolela setjhaba sa Modimo ntho e tjee? Leha kgosi e bua mantswe ana, kgosi e a itswa, hobane ha e eso ka e lata mora wa yona ya phaphathehileng.


Joabe a atamela, mme mosadi eo a re ho yena: “Na ke wena Joabe?” Joabe a re: “E, ke nna Joabe!” Jwale mosadi a re ho yena: “Ako mamele puo ya lekgabunyane la hao.” Joabe a re: “Ke mametse!”


Adoniya a boela a re: “Ke na le puonyana le wena.” Batesheba a re: “Bua!”


Wena Morena, o lokile kamehla, ha ke bea nyewe ya ka kapele ho wena, o lokile, empa a nke ke bue le wena ka toka ya hao: Ke hobaneng ha ba kgopo ba atleha mererong ya bona? Ke hobaneng ha ba bolotsana ba phela ka boiketlo?


Ageripa a re ho Paulosi: “O dumeletswe hore o ipuelle.” Yaba Paulosi o otlolla letsoho, mme a ikarabella, a re:


A itihela maotong a Davida, a re: “Monga ka, molato ona e mpe e be wa ka. Ke a o rapela: Ere lekgabunyane la hao le ke le bue le wena, mme o ke o le mamele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos