Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 13:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Absalome a tla ho morena, a re: Bona, mohlanka wa hao o na le bakuti; morena a ke a tle hle le bahlanka ba hae ha mohlanka wa hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 mme a fihla ho kgosi, a re: “Bona, mohlanka wa hao o na le letsema la ho kuta dinku. Ke kopa kgosi hore e ke e ye le bahlanka ba yona, mmoho le nna mohlanka wa hao.”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 13:24
8 Referencias Cruzadas  

Ha isaisa ditshiu tse ngata, mme mohatsa Juda, moradi wa Shua, a shwa; eitse ha Juda a tshedisehile, a nyoloha ho ya Thimna ho bakuti ba dinku tsa hae, yena le molekane wa hae Hira, wa Adullame.


Eitse hobane ho fete dilemo tse pedi, Absalome a ba le bakuti Baale-Hatsore, naheng ya Efraime, mme Absalome a memela bara bohle ba morena teng.


Morena a re ho Absalome: Tjhe, mora ka, re ke ke ra ya kaofela, esebe ra o imetsa. Leha a ne a mo phehella, a hana ho ya; feela a mo hlohonolofatsa.


Ba etsetsana mashano ba bang ho ba bang; qeko e melomong ya bona, ba bua ba ena le pelo tse pedi.


Puo tsa bona di bonolo jwaloka sereledi, empa pelo tsa bona di rata ntwa feela; mantswe a bona a fetisa ole ka monate, empa ke marumo a tsomotsweng.


Ke tswa utlwa hobane o na le bakuti. Badisa ba hao ba nnile ba dula le rona, re sa ba tshwenye; ha ba ka ba timellwa ke letho ka tshiu tsohle tseo ba nnileng ba dula Karmele ka tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos