Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 13:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Eitse hobane ho fete dilemo tse pedi, Absalome a ba le bakuti Baale-Hatsore, naheng ya Efraime, mme Absalome a memela bara bohle ba morena teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Kamora dilemo tse pedi, Abosalome a etsa letsema la ho kuta dinku mane Baale-Hasore e pela Efraime. Yaba o mema bara bohle ba kgosi,

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 13:23
13 Referencias Cruzadas  

Athe Labane o ne a ile ho kuta dinku tsa hae. Yaba Ragele o utswa diterafime tsa ntatae.


Absalome a tla ho morena, a re: Bona, mohlanka wa hao o na le bakuti; morena a ke a tle hle le bahlanka ba hae ha mohlanka wa hao.


Adonija o bile o hlabakile, dikgomo, le tse nonneng, le dinku tse ngata, mme o bitsitse bara bohle ba morena, le moprista Abiathare, le Joabe, molaodi wa makgotla; athe ha a ka a bitsa Salomone mohlanka wa hao.


Ke rialo kahobane Adonija kajeno o theohile, o hlabakile dikgomo, le tse nonneng, le dinku tse ngata; o bitsitse bara bohle ba morena, le balaodi ba makgotla, le moprista Abiathare, mme ke bao, ba ja, ba nwa pela hae, ba re: Ha ho phele morena Adonija!


Adonija a hlabaka dinku le dikgomo le tse nonneng lefikeng la Sohelethe, le pela Ene-Rogele, a bitsa banababo bohle bao e leng bara ba morena, le banna bohle ba Juda, bahlanka ba morena.


Mesha, morena wa Moabe, o ne a ruile mehlape ya dinku; o ne a ntse a ntshetsa morena wa Iseraele lekgetho la dikonyana tse dikete tse lekgolo, le la dipheleu tse dikete tse lekgolo, ka boya ba tsona.


Hape, a haha ditora lefeelleng, mme a tjheka didiba tse ngata, estwe a ne a ruile makgomo a mangata a fulang dithoteng le masabasabeng, a ruile le balemi ba dikoro le ba merara dithabeng le Karmele, hobane a ne a rata masimo haholo.


Hatsore, Rama, Gitthaime,


Moo Maone, ha bo ho le monna, eo mehlape ya hae e leng Karmele; e ne e le motho ya ruileng haholo, a ena le dikete tse hlano tsa dinku, le sekete se le seng sa dipodi; o ne a ile ho kuta dinku tsa hae Karmele.


Ebile Abigaile o ya ho Nabale, a mo fihlela a etsa seboka hae, se kang seboka sa morena, pelo ya Nabale e le tshweu ka ho yena, a tahilwe haholo; ka baka leo, a se ke a mo tsebisa taba leha e le e nyenyane leha e le e kgolo, ho fihlela hosasane.


Davida ha a le feelleng, a utlwa ha ho thwe: Nabale o kuta dinku tsa hae.


Ke tswa utlwa hobane o na le bakuti. Badisa ba hao ba nnile ba dula le rona, re sa ba tshwenye; ha ba ka ba timellwa ke letho ka tshiu tsohle tseo ba nnileng ba dula Karmele ka tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos