Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 12:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 mme Jehova a romela ka moporofeta Nathane ho mo rea lebitso la Jedidia (moratuwa wa Jehova), ka baka la Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Morena a roma moporofeta Nathane, hore a yo mo reela ngwana eo lebitso la Jedideya.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 12:25
14 Referencias Cruzadas  

Davida a ntoo tshedisa Bathe-Sheba, mosadi wa hae, a ya ho yena, a robala le yena; a boela a tswala moshemane, mme Davida a mo rea lebitso la Salomone. A ratwa ke Jehova,


Haele Joabe, a nna a lwantsha Rabba, motse wa bana ba Ammone; a ba a kena motse wa moreneng.


Ka bona bosiu boo, lentswe la Jehova la tlela Nathane, la re:


Ebile moo Nathane a bolellang Bathe-Sheba, mmae a Salomone, a re: Na ha o eso ho utlwe hore Adonija, mora Haggithe, o ipeile morena, athe Davida morena wa rona ha a tsebe?


Ha tsebiswa morena, ha thwe: Moporofeta Nathane ke enwa. A kena ka ho morena, a kgumama fatshe pela morena ka sefahleho.


Empa moprista Tsadoke, le Benaia mora Jehojada, le moporofeta Nathane, le Shemei, le Rei, le bahlabani ba Davida, ha ba ka ba emela Adonija.


le Asaria, mora Nathane, modisa wa matona a mang; le Sabude, mora moprista Nathane, sephatho sa morena;


Bona, o tla tswallwa mora; yena e tla ba motho wa kgotso; ke tla mo nea phomolo ho dira tsohle tsa hae ka nqa tsohle; lebitso la hae e tla ba Salomone (wa kgotso), mme ke tla bea kgotso le boiketlo Iseraeleng ka matsatsi a hae.


Bao a ba tswaletsweng a le Jerusalema ke bana: ke Shimea, Shobabe, Nathane, le Salomone, ba bane ke ba Bathe-Shua, moradi wa Ammiele;


Ha ke re, ke ka tse jwalo Salomone, morena wa Iseraele, a kileng a sitwa? Hara ditjhaba tse ngata, ho ne ho se morena ya kang yena; hape o ne a ratwa ke Modimo wa hae, mme Modimo o ne o mo entse morena wa Baiseraele bohle; empa leha ho le jwalo, basadi ba baditjhaba ba ne ba mo sitise.


A re a sa bua, leru le kganyang la hlaha, la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng!


Mme ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.


Haele bakeng sa Benjamine, a re: Ke moratuwa wa Jehova; o tla aha ka tshepo pela hae: o tla kgurumetswa ke Jehova, ka matsatsi wohle, mme o tla dula pakeng tsa mahetla a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos