Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 12:25 - BIBELE

25 Morena a roma moporofeta Nathane, hore a yo mo reela ngwana eo lebitso la Jedideya.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 mme Jehova a romela ka moporofeta Nathane ho mo rea lebitso la Jedidia (moratuwa wa Jehova), ka baka la Jehova.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 12:25
14 Referencias Cruzadas  

Davida a tshedisa mosadi wa hae Batesheba. A kena dikobong tsa hae, a robala le yena. Batesheba a tswala mora, mme Davida a mo rea lebitso la Solomone. Morena a rata Solomone.


Joabe a futuhela Raba, motse wa Baamone wa bokgosi, mme a o hapa.


Hona bosiung boo lentswe la Morena la fihla ho Nathane, la re:


Nathane a re ho Batesheba, mma Solomone: “Na ha o eso utlwe hore Adoniya, mora wa Hagite, e se e le yena kgosi, empa Davida, monga rona, a sa tsebe?


Ha bolellwa kgosi, ha thwe: “Moporofeta Nathane ke enwa!” Hoba a kene kamoo kgosi e leng kateng, a obama, a isa hlompho ho kgosi.


Empa bo-moprista Sadoke, le Benaya, mora wa Jehoyada, le moporofeta Nathane, le Shimei, le Rei, le mokgetho wa bahale ba Davida, bona ba se ke ba ananela morero ona wa Adoniya.


Asariya, mora wa Nathane, e le mookamedi wa babusi ba ditereke; moprista Sabude, mora wa Nathane, e ne e le sephatho sa kgosi;


Bona, o tla tswala mora, eo e tla ba motho wa kgotso. O tla phela ka kgotso le dira tsa hae tsohle, tse mo potapotileng. Lebitso la hae e tla ba Solomone, mme mehleng ya puso ya hae Baiseraele ba tla phela ka kgotso le ka kgutso.


Bana ba ile ba tswalwa ha a se a le Jerusalema: Shima, le Shobabe, le Nathane, le Solomone. Bana ba bane ba ile ba tswalwa ke Batesheba, moradi wa Amiele.


Na Solomone, kgosi ya Iseraele, ha a a ka a etsa sebe ka ho etsa dintho tsee? Empa leha ho le jwalo, hara ditjhaba tse ngata ha ho ya ka ha eba le kgosi e kang yena, e neng e ratwa ke Modimo wa yona. Modimo a mmea ho ba kgosi ya Baiseraele bohle. Empa le yena o ile a dihelwa sebeng ke basadi ba baditjhaba.


Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.”


ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le reng: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang!”


“Ho Benjamine a re: “ ‘Moratuwa wa Morena o tla dula ka kgotso pela hae, Radiphahama o mo sireletsa letsatsi lohle, o dula tlasa tshireletso ya hae.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios