Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 1:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 A re ho nna: Tloo pela ka, o mpolaye: ke se ke tsekela; leha empa bophelo ba ka bohle bo sa le teng ho nna.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “Yena a re ho nna: ‘Ke a o rapela: Tloo kwano, o nqetele. Ke tshwerwe ke ditlokotsi tsa lefu, le hoja ke sa ntsane ke phefumoloha.’

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 1:9
6 Referencias Cruzadas  

Ka mo atamela, ka mmolaya ke ho tseba hobane a ke ke a hlola a sa phela, ha a hlahetswe ke tseo. Ke nkile moqhaka o neng o le hloohong ya hae, le mofitshana o letsohong la hae, mme ke di tlisitse kwano ho monghadi wa ka.


A eketsa a re ho nna: O mang na? Ka re ho yena: Ke Moamaleke.


Yaba Saule o re ho lehlahana la hae: Pshemola sabole ya hao, o ntlhabe ka yona, esere mohlomong maqai ao a tla, mme a ntshoma. Empa lehlahana la hae la hana, kahobane le ne le tshohile haholo. Yaba Saule o nka sabole ya hae, a itihela hodima yona.


Mehleng eo, batho ba tla ipatlela lefu, empa ba ke ke ba le fumana; ba tla lakatsa ho shwa, empa lefu le tla ba balehela.


Abimeleke, a phakisa a bitsa mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae, a re ho yena: Pshemola sabole ya hao, o mpolaye, esere mohlomong batho ba re: O bolailwe ke mosadi. Mohlankana a mo hlaba, a shwa.


Ebile Saule o re ho lehlahana la hae: Pshemola sabole ya hao, o mpolaye ka yona, esere mohlomong maqai ao a tla, a mpolaye, mme a ntshoma. Empa lehlahana la hae la hana, hobane le ne le tshohile haholo. Ebile Saule o nka sabole ya hae, a itihela hodima yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos