Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 1:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ka mo atamela, ka mmolaya ke ho tseba hobane a ke ke a hlola a sa phela, ha a hlahetswe ke tseo. Ke nkile moqhaka o neng o le hloohong ya hae, le mofitshana o letsohong la hae, mme ke di tlisitse kwano ho monghadi wa ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 “Yaba ke ya ho yena, ke a mo qetela, hobane ke ne ke tseba hore ha a ewa a ke ke a hlola a phela. Ka nka mofaphahlooho oo a neng a o rwetse, le sepetja se neng se le letsohong la hae, mme ke di tlisitse mona ho wena, monga ka.”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 1:10
10 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho yena: Madi a hao a be hloohong ya hao, hobane o ikahlotse ka molomo wa hao, ha o itse, ke wena ya bolaileng motlotsuwa wa Jehova.


A re ho nna: Tloo pela ka, o mpolaye: ke se ke tsekela; leha empa bophelo ba ka bohle bo sa le teng ho nna.


A rola morena wa teng moqhaka wa hae, oo boima ba wona e leng talenta e le nngwe ya kgauta, o bile o kgabisitswe ka mahakwe a bohlokwa; wa rweswa Davida. Hape, a ya le kgapo e kgolo haholo ya motse.


Moprista a tlisa mora wa morena, a mo rwesa moqhaka le bopaki; ba mmea morena, ba mo tlotsa; mme ba opa ka diatla, ba re: Ha ho phlele morena!


Moqhaka o wele dihloohong tsa rona; ho madimabe rona, hobane re sitilwe.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ba bang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona le lona.


Yaba Adoni-Beseke o re: Marena a mashome a supileng a pomilweng menwana e metona ya matsoho le ya maoto, a ne a thola makumane katlasa tafole ya ka. Modimo o buseditse ho nna seo ke se entseng. Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela teng.


Abimeleke, a phakisa a bitsa mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae, a re ho yena: Pshemola sabole ya hao, o mpolaye, esere mohlomong batho ba re: O bolailwe ke mosadi. Mohlankana a mo hlaba, a shwa.


Ebile morena o re ho Doege: Ema wena, o bolaye baprista. Yaba Moedomo Doege o tsoha, a bolaya baprista, a timetsa ka lona tsatsi leo batho ba mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano, ba apereng efoda ya lene.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos