Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 1:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Seqha sa Jonathane thane se be se sa tshabane le madi a ba hlajwang, le mafura a bahale; le sabole ya Saule e be e sa kgutle feela!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Metsu ya Jonathane e ne e nepa, sabole ya Saule e sa kgutle e benya, di enwa madi a babolauwa, di tlola mafura a bahlabani.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 1:22
7 Referencias Cruzadas  

Hobane bonang, ke ya tsosa, ke nyolosetse Babilona phutheho ya ditjhaba tse kgolo tsa lefatshe la Leboya; di tla mmokanela, ebe hona a hapuwang; metsu ya bona e jwaloka ya mohale ya masene, ya ke keng a kgutla a le feela.


Ke tla tahisa metsu ya ka madi, mme lerumo la ka le tla ja nama, e leng madi a ba bolawang, le a ba hapilweng, le a dihlooho tsa marena a dira.


Saule hobane a nke borena Iseraeleng, a futuhela dira tsa hae tse mo potileng kahohle, e le Bamoabe, le bana ba Ammone, le Baedomo, le marena a Tsoba, le Bafilesta, mme hohle moo a neng a eya, o ne a hlola.


A nna a etsa ka matla, a hlola le Baamaleke, mme a namolela Baiseraele matsohong a ba ba hlorisang.


Jonathane a hlobola kobo e ho yena, a e nea Davida, a mo nea le diaparo tsa hae, le sabole ya hae, le seqha sa hae, le senyepa sa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos