Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Marena 1:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Empa lengeloi la Jehova la re ho Elia wa Thishba: Tloha, o ye ho kgahlanyetsa manqosa a morena wa Samaria, o re ho wona: Na ke ho re: ha ho Modimo Iseraeleng, haele moo le ya botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekrone na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Empa lengeloi la Morena la laela moporofeta Elia wa Tishebe, la re: “Ema, nyoloha, o yo kgahlanyetsa maqosa a kgosi ya Samaria. O fihle o a botse, o re: ‘Na Modimo ha a yo moo naheng ya Iseraele, ha e le moo le ilo disetsa ho Baale-Sebube, modimo wa Ekerone?

Ver Capítulo Copiar




2 Marena 1:3
21 Referencias Cruzadas  

Hobane ba ntahlile, ba ile ho sebeletsa Ashtarothe, modimo wa Basidone, le Kemoshe, modimo wa Bamoabe, le Milkome, modimo wa bana ba Ammone; ha ba ka ba tsamaya tseleng tsa ka, le ho etsa tse lokileng mahlong a ka, le ho ya ka ditaelo tsa ka le ka melao ya ka, jwaloka ntatae Davida.


Yaba Elia wa Thishba, wa ba jakileng Gileade, o re ho Akabe: Ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ya utlwang, eo ke emeng pela hae, ha ho ka ke ha lala phoka, leha e le ho na pula, ka dilemo tsena, haese ka polelo ya ka.


Kamora matsatsi a mangata, lentswe la Jehova la tlela Elia, e le ka lemo sa boraro, la re: Eya, o itlhahise ho Akabe ke se ke tla nesa pula lefatsheng.


Nakong ya ho hlahisa sehlabelo, moporofeta Elia a atamela, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Abrahama le Isaaka le Iseraele, a ho ke ho tsejwe kajeno hore ke wena Modimo wa Iseraele, le hore nna ke mohlanka wa hao, le hore ke entse ntho tseo kaofela ka taelo ya hao.


A re a sa dutse, a ithoballa tlasa sehlahla, mme teng ha fihla lengeloi, la mo thetsa, la re ho yena: Tsoha, o je.


Ha tla lengeloi la Jehova la bobedi, la mo thetsa, la re: Tsoha, o je, hobane tsela ya hao e telele.


Yaba lentswe la Jehova le tla ho Elia wa Thishba, la re:


Haele Akasia, a wela ka lesoba la fensetere ya kamore ya hae e kahodimo, Samaria, a kula ke hona; yaba o roma manqosa, a re ho wona: Eyang, le botse Baale-Sebube, modimo wa Ekrone, le o botse hore na ke tla fola lefung lena na?


A re ho yena: Monna e mong o tlile, a re kgahlanyetsa, a re ho rona: Boelang ho morena ya le romileng, le re ho yena: Jehova o re: Na ke ho re, ha ho Modimo Iseraeleng, haele moo o rometse ho botsa Baale-Sebube modimo wa Ekrone na? Ka baka lena, o ke ke wa theoha malaong ao o robetseng ho wona, empa o tla shwa ruri.


Ba re ho yena: E ne e le monna ya apereng boya, ya itlamileng letheka ka leqhama la letlalo. Yena a re: Ke Elia wa Thishba.


A kgutlela ho monna wa Modimo, a ena le sehlopha sa hae kaofela, a tla, a ema pela hae, a re: Bona, ke a tseba hobane ha ho Modimo lefatsheng lohle, haese Iseraeleng; jwale ke re, o amohele teboho ya mohlanka wa hao.


Eitse Elisha, monna wa Modimo, ha a utlwa hobane morena wa Iseraele o hahotse diaparo tsa hae, a romela ho morena, a re: O haholetseng diaparo tsa hao? A ke a tle ho nna; o tla tseba hobane moporofeta o teng Iseraeleng.


Modimo o tsejwa Juda, lebitso la wona le leholo hara Iseraele;


Ha ba ka re ho lona: Botsisisang ba nyollang bafu, le dinohe tse toutang, tse wewetsang, le mpe le re: Hleka setjhaba ha se na ho botsa Modimo wa sona na? Hleka ho ka botswa bafu taba tsa ba utlwang na?


Ba sebeletsang masa wana a lefeela ba furallana le mohau o ka ba hauhelang;


Bangodi ba theohileng Jerusalema, ba re: O na le Beelsebule, mme o leleka batemona ka morena wa batemona.


Yaba lengeloi la Morena le bolella Filipi, la re: Tloha, o ye nqa borwa, tseleng e tswang Jerusalema, e yang le Gasa, e leng e sa tsamauweng.


Kajeno, Jehova o tla o neela matsohong a ka; ke tla o bolaya, ke o pome hlooho, ke nee kajeno lena dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha ditopo tsa makgotla a Bafilesta, mme lefatshe lohle le tla tseba hobane Modimo o teng Iseraeleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos