Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Marena 1:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Haele Akasia, a wela ka lesoba la fensetere ya kamore ya hae e kahodimo, Samaria, a kula ke hona; yaba o roma manqosa, a re ho wona: Eyang, le botse Baale-Sebube, modimo wa Ekrone, le o botse hore na ke tla fola lefung lena na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Kgosi Akasiya a wela a le lethuleng la fesetere ya kamore ya hae e kahodimo, Samaria, a tswa kotsi e tshabehang. A roma maqosa, a re ho wona: “Tsamayang, le yo botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekerone, hore na ke tla fola.”

Ver Capítulo Copiar




2 Marena 1:2
25 Referencias Cruzadas  

Hobane ba ntahlile, ba ile ho sebeletsa Ashtarothe, modimo wa Basidone, le Kemoshe, modimo wa Bamoabe, le Milkome, modimo wa bana ba Ammone; ha ba ka ba tsamaya tseleng tsa ka, le ho etsa tse lokileng mahlong a ka, le ho ya ka ditaelo tsa ka le ka melao ya ka, jwaloka ntatae Davida.


O nke mahobe a leshome le dinkgwa le pitsa ya dinotshi ka matsoho a hao, mme o kene ka ho yena; o tla o bolella se tla hlahela ngwana.


Jwale monna e mong a fula ka seqha sa hae, a sa kgethe; athe o hlaba morena wa Iseraele makopanong a tshireletso ya sefuba. Yaba Akabe o re ho ya tsamaisang koloi ya hae: Sokolla koloi, o ntlose ntweng, hobane ke hlabilwe.


Akabe a orohela jwalo ho bontatae, mme mora hae, Akasia, ya eba morena tulong tsa hae.


A re ho yena: Jehova o re: Erekaha o rometse manqosa ho botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekrone, jwaloka eka ha ho Modimo Iseraeleng, oo o ka botsang taba ho wona, ka baka leo, ha o ka ke wa theoha malaong ana o robetseng ho wona, empa o tla shwa ruri.


Empa lengeloi la Jehova la re ho Elia wa Thishba: Tloha, o ye ho kgahlanyetsa manqosa a morena wa Samaria, o re ho wona: Na ke ho re: ha ho Modimo Iseraeleng, haele moo le ya botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekrone na?


A re ho yena: Monna e mong o tlile, a re kgahlanyetsa, a re ho rona: Boelang ho morena ya le romileng, le re ho yena: Jehova o re: Na ke ho re, ha ho Modimo Iseraeleng, haele moo o rometse ho botsa Baale-Sebube modimo wa Ekrone na? Ka baka lena, o ke ke wa theoha malaong ao o robetseng ho wona, empa o tla shwa ruri.


Ba furalla melao yohle ya Jehova, Modimo wa bona, ba iketsetsa ditshwantsho tse tsholotsweng, e leng manamane a mabedi, ba etsa le ditshwantsho tsa Ashtarothe, ba kgumamela le makgotla wohle a lehodimo, ba sebeletsa le Baale.


Tshenyeho na hase ya mosenyi na? le tahleho na ha ya beelwa ba sebetsang bokgopo na?


Moratuwa wa me o lekisa tshephe, leha e le namane ya kgama; ke yane, o eme kamora lehora la heso, o tadima ka sefensetere, o nyarela ka dipaka tsa dithupa tse haheleditseng.


Kutlwisiso e tla tloha pelong tsa Baegepeta, ke tla fedisa morero wa bona; ke moo ba tla botsa ditaba ho ditshwantsho tsa medimo, le ho baupelli, le ho ba nyollang bafu, le ho dinohe.


Efela o furaletse tjhaba sa hao, e leng ntlo ya Jakobo, hobane se tletse mekgwa ya ba Botjhabela; ke dinohe jwaloka Bafilesta, ba neelana matsoho le bana ba baditjhaba.


Na medimo ya ditjhaba tseo bontate ba di fedisitseng, Bogosane, le Harane, le Retsefe, le bana ba Edene ba leng Telasare, na e di namoletse na?


a akgetse medimo ya tsona mollong, hobane e ne e se medimo, empa e le mosebetsi wa matsoho a batho, difate le majwe; a e fedisitse ke hona.


Ho a lekana ha morutuwa a etswa jwaloka moruti wa hae, le mohlanka jwaloka morena wa hae. Ha ba bitsitse mong a ntlo Beelsebule, ba ntlo ya hae ba tla bitswa jwalo ho fetisa hakakang!


Bangodi ba theohileng Jerusalema, ba re: O na le Beelsebule, mme o leleka batemona ka morena wa batemona.


Empa ba bang ho bona ba re: O lelekisa batemona ka Beelsebule, morena wa batemona.


Pauluse ha a ntse a isa halelele, mohlankana ya bitswang Eutike, ya neng a dutse sefensetereng, a tshwarwa ke boroko bo boholo, mme ha a se a hlotswe ke boroko, a wela fatshe a le tlung eo e kahodimo, e leng ya boraro, a ba a nkwa a shwele.


Moo, moedi o fetela pele mabapa le Ekrone, nqa leboya; moedi o ntoo leba Shikrone, o fetele pele ka thaba ya Baala, o ye ho fihla Jabneele, o ntoo fella lewatleng.


Ha ke re, o ka rua seo Kemoshe, modimo wa hao, a ka o ruisang sona na? Le rona, re rua naha ya bohle bao Jehova, Modimo wa rona, a ba lelekisang pela rona.


Mma Sisera o nyarela ka fensetere se haheleditsweng ka dithupa, o howa, o re: Koloi ya hae e diehetseng ho hlaha? Maoto a makoloi a hae a tsamaelang butle?


Yaba ba romela areka ya Modimo Ekrone. Eitse ha areka ya Modimo e kena Ekrone, ba Ekrone ba bokolla, ba re: Ba re tliseditse areka ya Modimo wa Iseraele, ba tle ba re timeste le setjhaba sohle sa heso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos