Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 6:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Balevi ba theosa areka ya Jehova, le kese le leng pela yona le nang le ditshwantsho tsa kgauta, mme ba di bea lefikeng le leholo; banna ba Bethe-Shemeshe ba ntoo etsetsa Jehova ditjheso, ba mo hlabela le mahlabelo tsatsing leo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Balevi ba theola areka ya Morena, le letlole le pela yona, le neng le kentse dintho tse bopilweng ka kgauta, mme tsena ba di bea hodima lefika le leholo leo. Ka lona letsatsi leo, banna ba Bete-Shemeshe ba etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 6:15
3 Referencias Cruzadas  

Moedi hape o pota ho tloha Baala, nqa bophirimela, ho isa thabeng ya Seire, o fetele pele mothating wa thaba ya Jearime, e leng Kesalone, nqa leboya, mme o theosetse Bethe-Shemeshe, o ntoo feta ka Thimna.


ba laela setjhaba, ba re: Ha le bona areka ya selekane sa Jehova, Modimo wa lona, le baprista, Balevi, ba e jara, le lona le tlohe moo le emeng teng, le e sale morao.


Haele ditweba tsa kgauta, tsa eba ka ka bongata ba metse yohle ya Bafilesta e buswang ke marena a mahlano, ha ho bolelwa metse e marako, le metsana e naheng, ho ya fihla lefikeng le leholo, moo ba kileng ba bea areka ya Jehova teng; le kajeno le sa le teng tshimong ya Joshua wa Bethe-Shemeshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos