Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 6:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Koloi ya fihla tshimong ya Joshua, motho wa Bethe-Shemeshe, ya ema teng, moo lefika le leholo le leng teng. Ebile ba ratha difate tsa koloi, ba etsetsa Jehova setjheso ka dikgomo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Koloi ya fihla tshimong ya Joshua wa Mobete-Shemeshe, ya emisa hona teng, pela lefika le leholo. Ba ratha dithupa tse entseng koloi, mme ka dikgomo tseo ba etsetsa Morena nyehelo ya setjheso.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 6:14
13 Referencias Cruzadas  

Tsatsing lona leo, Gade a tla ho Davida, a re ho yena: Eya, o hahele Jehova aletare seotlong sa Arauna Mojebuse.


Arauna a re ho Davida: Morena, monga ka, a nke feela, mme a hlahisetse Jehova kahohle kamoo a ratang kateng. Bona, pholo ke tsena tsa setjheso; hape, mesebetsi ya ho pola le mesebetsi e meng ya dipholo e ka etsa patsi.


Teng, Davida a hahela Jehova aletare, a mo etsetsa ditjheso le mahlabelo a teboho. Yaba Jehova o hauhela naha, mme lefu la tloha Iseraeleng.


A kgutla, a nka pholo tsa joko e le nngwe, a di hlaba, mme ka mesebetsi ya dipholo a besa nama ya tsona, a abela setjhaba, sa eja. A ntoo tloha, a latela Elia, a mo sebeletsa.


Hape, o nketsetse aletare ya mobu, eo o tla hlabela ho yona mahlabelo a hao a ditjheso le a diteboho, e leng nku tsa hao le kgomo tsa hao. Hohle moo ke tla o hopotsa lebitso la ka, ke tla tla ho wena teng, ke tle ke o hlohonolofatse.


Ka hosasane, setjhaba sa tsoha e sa le ka meso; ba haha aletare teng, ba hlaba ditjheso le mahlabelo a teboho.


O hahele Jehova, Modimo wa hao, aletare hlorong ya seqhobo seno, ka mokgwa o tshwanelehang; o ntoo nka poho ya bobedi, o e etse setjheso ka sefate sa ashera eo o tla e rema.


Ebile moo ho fihlang Saule, a etswa naheng, a setse pholo tsa hae morao. Saule a re: Setjhaba se hlahetswe keng, haele moo se lla? Ba mo phetela ditaba tsa banna ba Jabeshe.


a re: Ntumelle hle, hobane baheso ba na le sehlabelo hae; ngwaneso o ntaeditse; ha ekaba ke bone mohau ho wena, o ntumelle, ke tle ke etele banabeso; ke ka baka leo a sa kang a tla tafoleng ya morena.


Haele ba Bethe-Shemeshe, ba be ba hela koro tsa bona sekgutlong; ha ba emisa mahlo, ba bona areka, mme ba thaba, ha ba e bona.


Haele ditweba tsa kgauta, tsa eba ka ka bongata ba metse yohle ya Bafilesta e buswang ke marena a mahlano, ha ho bolelwa metse e marako, le metsana e naheng, ho ya fihla lefikeng le leholo, moo ba kileng ba bea areka ya Jehova teng; le kajeno le sa le teng tshimong ya Joshua wa Bethe-Shemeshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos