Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 31:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse ha Bafilesta ba lwana le Baiseraele, banna ba Iseraele ba baleha pela Bafilesta, ba ya ba ewa le thaba ya Gilboa, ba timela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Bafilesita ba lwantsha Baiseraele. Banna ba Baiseraele ba ba baleha, ba wa mofela hodima thaba ya Gileboa.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 31:1
10 Referencias Cruzadas  

Oho, thaba tsa Gilboa, ho se ke ha lala phoka, ho se ne pula ho lona, ho se ke ha eba masimo a mang le dilopotsiya hobane ke moo ho lahlilweng thebe tsa bahale, le thebe ya Saule, jwaloka eka ha a ka a tlotswa ka ole!


Mohlankana ya mmehelang, a re: Eitse ha ke le thabeng ya Gilboa, ka fihlela Saule a ikokotletse ka lerumo la hae, ka bona ba makoloi le ba kaletseng mapere ba mo phalletse ka matla.


Haele Jonathane, mora Saule, mora hae e mong o ne a le teng, ya holofetseng maoto; o ne a le dilemo tse hlano mohla ho fihlang pehi ya kamoo Saule le Jonathane ba shwetseng kateng, Jisreele. Mopepi wa hae o ne a mo nkile, a baleha le yena; ka baka la ho potlaka, ha a baleha, ngwana a wa, a ba a holofala maoto; bitso la hae e ne e le Mefiboshethe.


Ha le ka nna la etsa hampe, le tla timela, lona le morena wa lona.


Tshiung tseo, Bafilesta ba phutha makgotla a bona, ho ya futuha le ho lwana le Baiseraele. Akishe a re ho Davida: O tsebisise hobane o tla futuha le nna makgotleng a ka, wena le banna ba hao.


Samuele a re ho Saule: O mpherekanyeditseng ka ho nnyolla na? Saule a re: Ke tsielehile haholo; Bafilesta ba mphutuhetse, mme Modimo o mphuraletse; ha o sa nkarabela, leha e le ka baporofeta, leha e le ka ditoro; ke o bitsitse ke hona, hore o ntsebise seo nka se etsang.


Hape, Jehova o tla o neela, wena le Iseraele hammoho, matsohong a Bafilesta; hosasane, wena le bara ba hao, le tla ba le nna; le diahelo tsa Baiseraele, Jehova o tla di neela Bafilesta.


Jwale, Bafilesta ba phutheha, ba tla, ba emisa Shuneme; le Saule a mema Baiseraele bohle, mme ba tla, ba emisa Gilboa.


Jwale Bafilesta ba kgobokanyetsa makgotla wohle a bona Afeke; Baiseraele bona ba emisa sedibeng se Jisreele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos