1 Samuele 31:1 - BIBELE1 Bafilesita ba lwantsha Baiseraele. Banna ba Baiseraele ba ba baleha, ba wa mofela hodima thaba ya Gileboa. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)1 Eitse ha Bafilesta ba lwana le Baiseraele, banna ba Iseraele ba baleha pela Bafilesta, ba ya ba ewa le thaba ya Gilboa, ba timela. Ver Capítulo |
Jonathane, mora wa Saule, o ne a ena le mora ya neng a holofetse maoto. Ha pehi ya Saule le Jonathane e fihla, e etswa Jesereele, o ne a le dilemo di hlano. Mohodisi wa hae a mo nka, a baleha. Ka baka la ho baleha ka potlako ha mohodisi, moshanyana a wa, yaba o robeha maoto. Lebitso la hae e ne e le Mefiboshete.
Samuele a re ho Saule: “Ke ka baka lang ha o nkgathaditse ka hore o ntsose?” Saule a re: “Ke tsielehile haholo, hobane Bafilesita ba a ntwantsha, empa Modimo o mphuraletse. Ha a sa nkaraba, leha e le ka baporofeta kapa ka ditoro. Ke ka lebaka lena ke ileng ka o bitsa, hore o tlo mpolella seo ke tshwanetseng ho se etsa.”