Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 30:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 A mo isa, ba ba fihlela ba qhalane naheng yohle, ba eja, ba enwa, ba hobela, ba thabile ke kgapo yohle e kgolo eo ba e hapileng naheng ya Bafilesta le naheng ya Juda.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Mohlankana a mo isa ho sona, mme a fumana Baamaleke ba hasahasane hara naha, ba eja, ba enwa, ba hobela, ba thabetse kgapo e ngata eo ba neng ba e nkile naheng ya Bafilesita le naheng ya Juda.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 30:16
22 Referencias Cruzadas  

Jwale, Absalome a laela bahlanka ba hae, a re: Le ke le bone pelo ya Amnone ha e thabile ke veine; etlere ha ke re ho lona: Bolayang Amnone, le ke le mmolaye; le se ke la tshaba; ha ke re, ke nna ke le laelang? Itiiseng, le etse ka senna.


Ba qhala masala a Baamaleke a neng a phonyohile, mme ba aha teng ho fihla tsatsing la kajeno.


thabo ya molotsana e fela kapele, le ho nyakalla ha ya kgopo e le ha motsotso o le mong feela?


Ke ithabisa ka lentswe la hao, jwaloka motho ya ithabisang ka kgapo e kgolo.


Hosasane ba tsoha e sa le hosasa, ba hlaba mahlabelo a ditjheso, ba hlahisa mahlabelo a teboho. Setjhaba sa dula fatshe ho ja le ho nwa, sa ntoo ema sa hobela.


Empa, bonang, ke thabo le menyaka, ho hlajwa dikgomo, ho hlajwa dinku, ho jewa dinama, ho nowa veine; ho thwe: A re jeng, a re nweng, hobane hosasane re se re ya shwa.


O atisitse setjhaba, o se sitsitse ka thabo e kgolo; ba tla thaba pontsheng ya hao, jwalokaha ho thajwa mohla kotulo, le jwalokaha ho thauthwa dithepa tsa kgapo.


Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


A re: Ipoelleng tenteng tsa lona ka maruo a maholo, ka makgomo a mangatangata, ka silefera, ka kgauta, ka koporo, ka tshepe, ka diaparo tse ngatangata, mme le arolelane le banababo lona tse hapilweng tsa dira tsa lona.


Jwale, Gideone a nyoloha ka tsela ya ba ahileng ditenteng, nqa botjhabela ho Noba le Jogbeha, mme a qhala makgotla wohle, makgotla a sa iketlile.


Re kile ra futuhela nqa borwa ho Bakerethe le ho Juda, le nqa borwa ho Kalebe, re bile re tjhesitse le Tsiklage.


Davida a re ho yena: Hleka o ka re isa letshweleng leo na? A re ha o ka ntlhapanyetsa ka Modimo hobane o ke ke wa mpolaya, leha e le ho nneela matsohong a monga ka, ke tla o isa letshweleng leo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos