Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 30:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Davida a re ho yena: Hleka o ka re isa letshweleng leo na? A re ha o ka ntlhapanyetsa ka Modimo hobane o ke ke wa mpolaya, leha e le ho nneela matsohong a monga ka, ke tla o isa letshweleng leo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Yaba Davida o re ho yena: “Na o ka nkisa moo sehlopha seo sa bahlasedi se leng teng?” Mohlankana a re: “Ntlhapanyetse ka lebitso la Modimo, hore ha o na ho mpolaya, kapa wa neelana ka nna matsohong a monga ka, mme ke tla o isa moo sehlopha sena sa bahlasedi se leng hona teng.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 30:15
12 Referencias Cruzadas  

ke tle ke o antshe ka Jehova, Modimo wa mahodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana, bao ke ahileng hara bona;


A ntoo nka e mong wa lesika la borena, a hlaba selekane le yena, a ba a mo antsha; a tlosa dinatla tsa naha,


Ke a phela, ho rialo Morena Jehova: o tla shwela nqalong yona eo moo ho phelang eo a entsweng morena ke yena, eo a kgesitseng kano ya hae, eo a tlotseng selekane sa hae, o tla shwela hona moo ha hae, Babilona.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Ke a phela! o kgesitse kano ya ka, o tlotse selekane sa ka. Molato oo ke tla o bea hloohong ya hae.


Jwale, ha le ke le ntlhapanyetse ka Jehova hore, jwalokaha ke le entse hantle, le lona le tla etsa ntlo ya ntate hantle. Le nnee pontsho ya nnete,


Joshua a etsa kgotso le bona, a hlaba selekane le bona, sa ho ba tlohela ba phela; mme hlooho tsa phutheho tsa itlamela hona ka kano.


Dihlwela tsa bona motho ya tswang motseng, tsa re ho yena: Ako re supise moo motse o ka kenwang, mme re tla o etsetsa mohau.


Ebile Akishe o bitsa Davida, a re ho yena: Ka Jehova ya utlwang, o bile motho ya lokileng; ke rata ha ke o bona o kena le ho tswa le nna diahelong, hobane ha ke eso ho fihlele molato ho wena, haesale o etla ho nna, ho fihlela la kajeno; empa marena ha a o rate.


Re kile ra futuhela nqa borwa ho Bakerethe le ho Juda, le nqa borwa ho Kalebe, re bile re tjhesitse le Tsiklage.


A mo isa, ba ba fihlela ba qhalane naheng yohle, ba eja, ba enwa, ba hobela, ba thabile ke kgapo yohle e kgolo eo ba e hapileng naheng ya Bafilesta le naheng ya Juda.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos