Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 30:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ba mo nea le thathana ya polokwe ya difeiye le masihla a mabedi a merara, a ja, a boela a tsoha matla; hobane e be e se e le matsatsi a mararo le masiu a mararo a se a sa je bohobe, a sa nwe metsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ba mo fa leqebekwane la mangangajane a feiye, le masihla a mabedi a morara wa mangangajane. Ha a se a jele a boela a matlafala, hobane o ne a qetile matsatsi a mararo le masiu a wona a sa je bohobe, a sa nwe metsi.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 30:12
9 Referencias Cruzadas  

Eya phutha Bajuda bohle ba leng teng Susane; le itime dijo bakeng sa ka; le se ke la ja, leha e le ho nwa ka tshiu tse tharo, bosiu le motshehare; le nna le barwetsana ba ka, re tla itima dijo jwalo, ke ntoo kena ho morena, leha molao o sa dumele; mme leha nka timela, ke mpe ke timele.


Batho ba hae kaofela ba fehelwa, ba batla bohobe; ba neile ntho tsa bona tsa bohlokwa ho bona dijo tse ka tsosang bophelo ba bona. Bona, Jehova, o lemohe, hobane ke fetohile ya nyediswang.


Yaba Jehova o romela hlapi e kgolo ho metsa Jonase, Jonase a ba a dula mpeng ya hlapi matsatsi a mararo le masiu a mararo.


ba re: Morena, re sa hopola hobane mothetsi eo, ha a sa phela, o ne a re: Ke tla tsoha ka letsatsi la boraro.


Yaba Modimo o petsola lefika le sekoti la Lehi, metsi a ba a tswa ho lona; a nwa, mme pelo ya hae ya boela bodulong, a thuseha. Ka baka leo, ho reilwe lebitso la teng Ene-Hakkore (sediba sa ya howeletsang); sediba seo se sa le teng Lehi le kajeno.


Haele Jonathane, o ne a sa ka a utlwa ha ntatae a hlapantsha setjhaba; ka baka leo, a isa ntlha ya lere leo a le tshwereng, a e kenya kgekgeng, a ntoo isa ka letsoho molomong wa hae, mme mahlo a hae a ela.


Ba fumana Moegepeta e mong naheng, ba mo tlisa ho Davida; ba mo nea bohobe, a ja, ba mo nosa le metsi.


Davida a re ho yena: O motho wa mang? O tswa kae na? A re: Ke mohlankana wa Moegepeta, ke mohlanka wa motho wa Amaleke; monga ka o ntshiile, ke hobane ke ne ke kula e se e le tshiu tse tharo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos