Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 30:12 - BIBELE

12 Ba mo fa leqebekwane la mangangajane a feiye, le masihla a mabedi a morara wa mangangajane. Ha a se a jele a boela a matlafala, hobane o ne a qetile matsatsi a mararo le masiu a wona a sa je bohobe, a sa nwe metsi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ba mo nea le thathana ya polokwe ya difeiye le masihla a mabedi a merara, a ja, a boela a tsoha matla; hobane e be e se e le matsatsi a mararo le masiu a mararo a se a sa je bohobe, a sa nwe metsi.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 30:12
9 Referencias Cruzadas  

“Tsamaya, o yo phutha Bajuda bohle ba teng mona Shushane. Ka matsatsi a mararo, bosiu le motsheare, le itime dijo ka baka la ka, le se ke la ba la ja letho, kapa la nwa letho. Le rona le makgabunyane a ka re tla itima dijo ka mokgwa o jwalo. Jwale ke hona ke tla ya ho kgosi, le hoja e tla be e se ka molao. Haeba ke eshwa, ke tla shwa.”


Tjhaba sohle sa yona se qetwa ke mefehelo, se fehelwa ha se ntse se sikila bohobe; matlotlo a sona se a ananya dijo, hore se nne se tsebe ho phela. “Oho, Morena, ako tadime, o be o bone; bona kamoo ke nyedisehang kateng!”


Yaba Morena o laela leruarua ho metsa Jonase. Jonase a ba ka mpeng ya leruarua leo ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.


ba re: “Morena, re hopotse hore mothetsi yane ha a sa phela, o ile a re: ‘Ke tla tsoha kamora matsatsi a mararo.’


Yaba Modimo o phunya mokoti hona moo Lehi, mme metsi a kolla ho wona. Samosone a nwa, moya wa kgutlela ho yena, mme a kgatholoha. Ka baka leo, a rea sebaka seo lebitso la Sediba sa Moipiletsi, se ntseng se le hona moo Lehi ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


Empa Jonathane o ne a sa ka a utlwa ha ntatae a hlapantsha setjhaba; ka baka leo, a hlaba kgekge ya dinotshi ka ntlha ya molamu o letsohong la hae, a isa molomong, yaba mahlo a hae a a ela.


Ba fumana monna wa Moegepeta a le hara naha, ba mo isa ho Davida, ba mo fa bohobe, a ja; ba mo fa le metsi, a nwa.


Jwale Davida a re ho yena: “O wa bafe? O tswa kae?” Yena a re: “Ke mohlankana wa Moegepeta, mme ke lekgoba la Moamaleke. Monga ka o ile a ntshiya maoba, hobane ke ne ke kula.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos