Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 29:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Marena a Bafilesta a mpa a mo halefela, mme marena a Bafilesta a re ho yena: Kgutlisa monna eo, a kgutlele moo o mmeileng teng, a se ke a ya ntweng le rona, esebe mohlomong a ka tshoha a iphetola lehlabaphio ho rona hara ntwa. Ana e ka ba ka mokgwa ofe a ka iketsang ya kgahlisang monga hae, haese ka dihlooho tsa banna bana na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Empa mahosana a Bafilesita a halefela Akishe, a re ho yena: “Mo kgutlisetse moo o mo fileng bokginapere teng, o se ke wa mo dumella a ya le rona ntweng, esere a fetoha lehlabaphiyo ha theko di teana. A ka etsa kgotso jwang le monga hae, haese ka dihlooho tsa banna baa ba rona?

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 29:4
8 Referencias Cruzadas  

Ho Bamanasse, ba bang ba theohela ho Davida, mohla a futuhelang Saule, a ena le Bafilesta; empa ha ba ka ba ba tlatsa; eitse hobane marena a Bafilesta a eletsane, a mo kgutlisa, a re: A ka fetela ho Saule, hlooho tsa rona tsa kena tsietsing.


Le mohla a yang Tsiklage, Bamanasse ba ileng ba fetela ho yena ke bana: ke Adna, Josabade, Jediaele, Mikaele, Josabade, Elihu, le Tsilthai, balaodi ba dikete tsa Manasse.


Tloong, re se etsetseng ka bohlale, se tle se se ke sa ngatafala, mme ya tla ya re ha ntwa e ka tsoha, sa tlatsana le dira tsa rona, sa re lwantsha, mme sa tloha naheng ena.


Mme monga hae a rorisa qhoku e sa lokang, hobane e entse ka bohlale. Efela bana ba lefatshe lena, molokong oo e leng wa bona, ba fetisa bana ba lesedi ka bohlale.


Le Baheberu ba neng ba le hara Bafilesta, jwaloka pele, ba neng ba tlile le bona ntweng, ba tswa kahohle, ba ikopanya le Baiseraele ba leng ho Saule le Jonathane.


Mohlang oo, Akishe a mo nea Tsiklage; ka baka leo, Tsiklage ke motse wa marena a Juda le kajeno.


Akishe a fetola, a re ho Davida: Ke a tseba hobane o rateha ho nna jwaloka lengeloi la Modimo; leha ho le jwalo, marena a Bafilesta a boletse bakeng sa hao, ba itse, o se ke wa ya le rona ntweng.


Davida le banna ba hae, ha ba fihla Tsiklage ka la boraro, ba fihlela Baamaleke ba futuhetse nqa borwa ho Tsiklage, ba bile ba kene Tsiklage, ba o tjhesitse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos