Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 29:4 - BIBELE

4 Empa mahosana a Bafilesita a halefela Akishe, a re ho yena: “Mo kgutlisetse moo o mo fileng bokginapere teng, o se ke wa mo dumella a ya le rona ntweng, esere a fetoha lehlabaphiyo ha theko di teana. A ka etsa kgotso jwang le monga hae, haese ka dihlooho tsa banna baa ba rona?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Marena a Bafilesta a mpa a mo halefela, mme marena a Bafilesta a re ho yena: Kgutlisa monna eo, a kgutlele moo o mmeileng teng, a se ke a ya ntweng le rona, esebe mohlomong a ka tshoha a iphetola lehlabaphio ho rona hara ntwa. Ana e ka ba ka mokgwa ofe a ka iketsang ya kgahlisang monga hae, haese ka dihlooho tsa banna bana na?

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 29:4
8 Referencias Cruzadas  

Ba bang ba morabe wa Manase le bona ba fetohela ka ho Davida, mohla a neng a ena le Bafilesita ha ba futuhetse Saule. Empa a se ke a thusa Bafilesita, hobane mahosana a bona a ne a ile a eletswa hore a mo leleke, a re: “O tla fetohela ka ho monga hae Saule, ebe re a bolawa.”


Yare ha Davida a eya Sikelage banna bana ba morabe wa Manase ba fetohela ka ho yena: Adenake, le Josabada, le Jediaele, le Mikaele, le Josabada, le Elehu, le Siletai. E mong le e mong wa bona e ne e le molaodi wa bahlabani ba sekete.


Tloong: A re se sebetseng ka bohlale, esere sa nna sa ngatafala, mme ha ntwa e ka qhoma sa thusa dira tsa rona, sa re lwantsha, sa tswa naheng ena.”


“Monga hae a rorisa mookamedi eo ya sa tshepahaleng, kaha a sebeditse ka masene, hobane bana ba lefatshe, molokong wa bona, ba masene ho feta bana ba lesedi.


Baheberu bao pele ba neng ba le ka lehlakoreng la Bafilesita, mme ba ba ba nyolohela le bona diahelong, le bona bao ba fetohela Bafilesita, ba ya ka lehlakoreng la Baiseraele ba neng ba ena le Saule le Jonathane.


Ke ha Akishe a mo nea Sikelage ka lona letsatsi leo. Ke ka lebaka leo Sikelage e leng motse wa dikgosi tsa Juda le kajeno-ya-bokajeno.


Akishe a araba Davida, a re: “Ke a tseba hore o tshepahala jwaloka lengeloi la Modimo, empa leha ho le jwalo, mahosana a Bafilesita a itse: ‘A se ke a ba a ya ntweng le rona!’


Ka letsatsi la boraro, ha Davida le banna ba hae ba fihla Sikelage, ba fumana Baamaleke ba futuhetse naha e ka borwa, le motse wa Sikelage. Ba ne ba ripitlile motse oo wa Sikelage, ba o tjhesitse ka mollo,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios