Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 28:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ebile Saule o re ho bahlanka ba hae: Mpatleleng mosadi wa senohe, ke ye ho yena, ke mmotse. Bahlanka ba hae ba re ho yena: Bona, mosadi ya nohang o teng Ene-Dore.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Yaba Saule o re ho bahlanka ba hae: “Mpatleleng mosadi wa senohe, ke yo disetsa ho yena.” Ba re ho yena: “Mane Ene-Dore mosadi ya jwalo o teng.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 28:7
13 Referencias Cruzadas  

Ha a ntse a bua le bona, e se e le lona lenqosa, le theohelang ka ha hae; le re: Bonang, kotsi ena e tswa ho Jehova: ana ke sa tla lebella eng ho Jehova?


Saule a shwa jwalo ka baka la boikgantsho ba hae, boo a neng a ikgantsheditse Jehova ka jona, bakeng sa lentswe la Jehova leo a sa kang a le boloka, le bakeng sa hobane a ne a botsitse ba bitsang bafu, hore a ipotsetse ditaba ho bona,


ba feletseng Ene-Dore, mme ditopo tsa bona tsa nontsha mobu!


Kutlwisiso e tla tloha pelong tsa Baegepeta, ke tla fedisa morero wa bona; ke moo ba tla botsa ditaba ho ditshwantsho tsa medimo, le ho baupelli, le ho ba nyollang bafu, le ho dinohe.


Le se ke la kgelohela ho ba bitsang bafu, leha e le ho dinohe; le se ke la botsa ditaba ho bona, le tle le se ke la itshela ditshila ka bona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


hobane tshenolo eo e sa duletse nako ya teng, empa e tla itlhahanela qetellong, e ke ke ya thetsa. Ha e ka dieha, o e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ya fela.


Ka tsatsi le leng, ha re ya thapelong, montsana e mong, ya kenweng ke moya wa Phithone, ya neng a ruisa beng ba hae haholo ka ho noha, a teana le rona.


le moupelli, leha e le ya botsang badimo, le ngaka e reng e a porofeta, leha e le ya botsang bafu;


Fatsheng la Issaskare le la Asere, Manasse a newa Bethe-Sheane le metse ya teng, le Jibleame le metse ya teng, le ba ahileng Dore le metseng ya teng, le ba ahileng Ene-Dore le metseng ya teng, le ba ahileng Thaanake le metseng ya teng, le ba ahileng Megiddo le metseng ya teng, le diqepho tse tharo.


Samuele o ne a se a shwele, le Baiseraele bohle ba ne ba se ba mo lletse, ba mo epetse Rama, motseng wa habo. Saule o ne a tlositse dinohe le baporofeta ba bohata naheng eo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos