Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 28:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Leha Saule a ne a botsa Jehova, Jehova o ne a sa mo arabele, leha e le ka ditoro, leha e le ka Urime, leha e le ka baporofeta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Saule a botsa Morena, empa Morena a se ke a mo araba, leha e le ka ditoro, kapa ka lejwe la Urime, kapa ka baporofeta.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 28:6
25 Referencias Cruzadas  

Ba tadima, empa ho se ya ba namolelang; ba howeletsa ho Jehova, a mpa a se ke a ba arabela.


Ha re sa bona dipontsho tsa rona; ha ho sa le moporofeta, ha re sa na motho ya ka tsebang hore na ho tla ba jwalo ho isa kae.


Mahakwe ao a ke a kenngwe kgauteng, dikoomaneng tsa wona.


Mokgajwaneng wa kahlolo o tla bea Urime le Thummime, di tle di be sefubeng sa Aarone, ha a kena pela Jehova; Aarone o tla jarela bana ba Iseraele kahlolo sefubeng sa hae, pela Jehova, ka ho sa feleng.


O se ke wa ithorisa ka letsatsi la hosasane, hobane ha o tsebe se tla hlahiswa ke letsatsi leo.


Moporofeta ya nang le toro a ke a bolele toro, ya nang le lentswe la ka a ke a bolele lentswe la ka ka nnete. Mooko o etsang hara koro, ho bolela Jehova?


Menyako ya hae e diketse fatshe; o sentse, o robakantse mekwallo ya yona; morena wa hae le babusisi ba hae ba ditjhabeng; molao ha o sa le yo, le bona baporofeta ba hae ha ba sa fumana dipono ho Jehova.


Kamora tseo, ke tla tshollela moya wa ka hodima nama yohle, ho be ho porofete bara ba lona le baradi ba lona, maqheku a lona a lore ditoro, le bahlankana ba lona ba bone dipono.


A ntoo mo apesa mokgajwana, mme mokgajwaneng a bea Urime le Thummime.


Diboni di tla swaba, dinohe di hlajwe ke dihlong; di tla pata ditedu tsa tsona kaofela ha tsona, hobane ha ho karabo e tswang ho Modimo.


A re: Mamelang mantswe a ka hantle: moporofeta ha a le teng hara lona, nna, Jehova, ke ipontsha ho yena ka pono, ke bua le yena ka toro.


O tla itlhahisa pela moprista Eleasare; eo o tla mo kopela keletso ya Urime pela Jehova; ka taelo ya hae ba tla tswa, ka taelo ya hae ba tla boela ba kene, yena le bana ba Iseraele kaofela, le yona phutheho kaofela.


Empa, eitse ha a sa hopotse teng, lengeloi la Morena la mo hlahela ka toro, la re: Josefa, mora Davida, o se ke wa tshaba ho inkela Maria, mosadi wa hao, hobane se emotsweng ke yena, ke sa Moya o Halalelang.


Re a tseba hobane Modimo ha o utlwe baetsadibe; empa ekare ha e mong a hlonepha Modimo, a etsa thato ya wona, o ye o mo utlwe.


Haele bakeng sa Levi, a re: Thummime tsa hao le Urime tsa hao di ho mokhethwa wa hao ya o ratang, eo o mo lekileng Massa, eo o mo tsekisitseng metsing a Meriba;


Le a kopa, mme ha le fuwe, kahobane le kopa hampe, ho nkela ditakatso tsa lona.


Saule a botsa Modimo, a re: Ana ke tla tloha, ke phallele Bafilesta na? Ana o tla ba neela matsohong a Baiseraele na? Empa Modimo o se ke wa mo araba letho tsatsing leo.


Samuele a re ho Saule: O mpherekanyeditseng ka ho nnyolla na? Saule a re: Ke tsielehile haholo; Bafilesta ba mphutuhetse, mme Modimo o mphuraletse; ha o sa nkarabela, leha e le ka baporofeta, leha e le ka ditoro; ke o bitsitse ke hona, hore o ntsebise seo nka se etsang.


Saule, ha a bona makgotla a Bafilesta, a tshaba, le pelo ya hae ya thothomela haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos